Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Numere 16:35 - BIBELE

35 Mollo wa theoha o etswa ho Morena, wa timetsa banna bana ba makgolo a mabedi le mashome a mahlano ba ileng ba nyehela ka mokubetso.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

35 Ha tswa mollo ho Jehova, wa timeletsa banna bao ba makgolo a mabedi a mashome a mahlano ba neng ba hlahisa dibano.

Ver Capítulo Copiar




Numere 16:35
14 Referencias Cruzadas  

Mollo wa tuka hara sehlopha sa bona, malakabe a wona a tjhesa bao ba kgopo.


Modimo wa rona o a tla, a ke ke a hlola a kgutsa. Kepele ho yena ke mollo, mollo o tjhesang lore! Sefefo se matla se mo teetse hare.


Kapele ho tsona ho ne ho eme baholo ba ntlo ya Iseraele ba mashome a supileng, mme Jaasaneya, mora wa Shafane, a eme hara bona, e mong le e mong wa bona a tshwere pitsana ya mokubetso, ho foqoha mosi wa mokubetso o entse leru.


Yaba mollo o tswa ho Morena, wa ba tjhesa, mme ba shwela kapele ho Morena.


banna bana ba tlisitseng ditaba tseo e seng tsa nnete, ba ile ba bolawa ke lefu la sewa ba le kapele ho Morena.


Monna e mong le e mong a nke pane ya hae, a tshele mokubetso ka ho yona, a nto e tlisa kapele ho Morena, e be dipane tse makgolo a mabedi le mashome a mahlano. Le wena le Arone le tlise dipane tsa lona.”


banna bana ba tsohela Moshe matla, ba ena le banna ba bang ba bana ba Iseraele, ba makgolo a mabedi le mashome a mahlano, bao e leng mahosana a setjhaba, ba tumileng, ba kgethilweng setjhabeng.


Bana ba Iseraele bohle ba neng ba le moo ba baleha ha ba utlwa seboko sa bona, hobane ba ile ba re: “Lefatshe le se ke la re metsa!”


Jwale Morena a bua ho Moshe, a re:


Ba ileng ba eshwa ke sewa sena ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mene le makgolo a supileng, ho sa balwe ba shweleng ka taba ya Kora.


Lefatshe le ile la ahlama, mme la ba kwenya mmoho le Kora, ha sehlopha seo se eshwa. Ke mohla mollo o timetsang batho ba makgolo a mabedi le mashome a mahlano. Hona ya eba sesupa ho setjhaba.


Nadabe le Abihu ba ile ba shwella kapele ho Morena, ha ba nyehella Morena ka mollo o sa halaleleng, lehwatateng la Sinai. Ba ne ba se na bana. Yaba Eleasare le Itamare ba sebeletsa e le baprista, moo ntata bona a ntseng a le teng.


Haeba motho a ka rata ho di ntsha kotsi, mollo o betsehang melomong ya tsona o timetsa dira tsa tsona. Haeba motho a ka rata ho di ntsha kotsi, eka kgona a bolawe jwalo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos