Moshe a kgetha banna ba bohlale hara Baiseraele bohle, a ba etsa dihlooho tsa setjhaba: ya eba babusi ba batho ba dikete, babusi ba batho ba makgolo, babusi ba batho ba mashome a mahlano, le babusi ba batho ba mashome.
Numere 13:2 - BIBELE “Romela banna ho ya hlwela naha ya Kanana, eo ke e neang bana ba Iseraele. Morabeng o mong le o mong wa bo-ntata bona o romele monna a le mong; e mong le e mong wa bona e be kgosana.” Sesotho 1909/1961 (SO) Roma banna hore ba ye ho hlwela naha ya Kanana, eo ke e neang bana ba Iseraele. Le rome monna ka leloko le leng le le leng la bontata bona, mme bohle e be dihlooho hara bona. |
Moshe a kgetha banna ba bohlale hara Baiseraele bohle, a ba etsa dihlooho tsa setjhaba: ya eba babusi ba batho ba dikete, babusi ba batho ba makgolo, babusi ba batho ba mashome a mahlano, le babusi ba batho ba mashome.
Morabeng o mong le o mong le nke monna a le mong ya tla le thusa, e be monna eo e leng hlooho ya lelapa labo.”
Morena a re ho Moshe: “Ntlisetse banna ba mashome a supileng, bao e leng baholo ba setjhaba sa Iseraele, bao o tsebang hore ke baholo le baokamedi ba setjhaba sa Iseraele. O ba tlise ka Tenteng ya Morena, ba eme teng hammoho le wena.
Ana ke mabitso a banna bao Moshe a ileng a ba roma ho ya hlwela naha. Mora wa Nune, e leng Hoshea, Moshe a mo rea lebitso la Joshua.
Moshe a romela banna bao ho tloha lehwatateng la Parane, ka taelo ya Morena. Banna bao bohle e ne e le mahosana a bana ba Iseraele.
Bo-ntata lona ba ne ba etse jwalo ha ke ba roma ke le Kadeshe-Barenea, ho ya bona naha.
“Kahoo, merabeng ya lona, ke ile ka nka banna ba bohlale, ba tumileng, bao e leng dihlooho, ka ba etsa baokamedi ba lona: balaodi ba ba dikete, le balaodi ba ba makgolo, le balaodi ba ba mashome a mahlano, le balaodi ba ba mashome, le bangodi ba merabe ya lona.
“Ha le le Kadeshe-Barenea a le roma, a re ho lona: ‘Nyolohang, le yo hapa naha eo ke le neileng yona.’ Le teng le ne le fetohele taelo ya Morena Modimo wa lona, mme la se ke la mo kgolwa leha e le ho mo mamela.
Ka baka leo, kgethang banna ba leshome le metso e mmedi merabeng ya Iseraele, morabeng o mong le o mong ho kgethwe monna a le mong.