Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 13:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Roma banna hore ba ye ho hlwela naha ya Kanana, eo ke e neang bana ba Iseraele. Le rome monna ka leloko le leng le le leng la bontata bona, mme bohle e be dihlooho hara bona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 “Romela banna ho ya hlwela naha ya Kanana, eo ke e neang bana ba Iseraele. Morabeng o mong le o mong wa bo-ntata bona o romele monna a le mong; e mong le e mong wa bona e be kgosana.”

Ver Capítulo Copiar




Numere 13:2
12 Referencias Cruzadas  

Moshe a kgetha hara Iseraele kaofela banna ba loketseng, a ba bea dihlooho tsa setjhaba, balaodi ba dikete, balaodi ba makgolo, balaodi ba mashome a mahlano, le balaodi ba mashome.


mme le ikgethele monna lelokong le leng le le leng, eo e leng yena hlooho ya ntlo ya bontatae.


Yaba Jehova o re ho Moshe: Mphuthele banna ba mashome a supileng ba baholo ba Iseraele, bao o ba tsebang hoba ke baholo ba setjhaba le ba nang le matla hodima sona; o ba tlise pela tente ya pokano, hore ba tle ba itlhahise le wena teng.


Ke ao mabitso a banna bao Moshe a ba romileng ho ya hlwela naha; mme Moshe a rea Hosea, mora Nune, lebitso la Joshua.


Yaba Moshe, ba le lefeelleng la Parane, o ba roma ka taelo ya Jehova; banna bao kaofela e ne e le dihlooho hara bana ba Iseraele.


Bontata lona ba entse jwalo mohla ke ba romileng ho lekola naha, re le Kadeshe-Barnea.


Hape, le tla nka morena ka leloko le leng le le leng hore le arolelwe naha.


Yaba ke kgetha dihlooho tsa meloko ya lona, banna ba bohlale, ba tsejwang, ka ba bea dihlooho tsa lona, hore e be balaodi ba dikete, le balaodi ba makgolo, le balaodi ba mashome a mahlano, le balaodi ba mashome, hape e be bahlahlobi ba meloko ya lona.


Le mohla re leng Kadeshe-Barnea, ha Jehova a le roma, a re: Nyolohang, le rue lefatshe leo ke le neileng lona, la ikgantshetsa taelo ya Jehova, Modimo wa lona; ha le a ka la mo tshepa, mme ha le a ka la etsa ka lentswe la hae.


Jwale ikgetheleng banna ba leshome le metso e mmedi melokong ya Baiseraele, monna a le mong lelokong le leng le le leng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos