Numere 11:10 - BIBELE Moshe a utlwa setjhaba se lla hohle, malapeng a sona, motho ka mong a lla a le monyakong wa tente ya hae. Kgalefo ya Morena ya tlokoma haholo, mme Moshe a swaba haholo. Sesotho 1909/1961 (SO) Jwale Moshe a utlwa setjhaba se lla ka matlung wohle a sona, e mong le e mong monyako wa tente ya hae. Le yona kgalefo ya Jehova ya tuka hampe. Yaba Moshe o a hlabeha. |
Yare Morena ha a utlwa a halefa, malakabe a mollo a laima, a laimela ba leloko la Jakobo, kgalefo ya hae ya tlokela Iseraele;
Ka baka leo, kgalefo ya Morena e tlokomela tjhaba sa hae, o phahamisitse tsoho la hae, o a ba otla, thaba di a reketla, topo tsa bona eka matlakala hara seterata. Leha ho le jwalo, kgalefo ya hae ha e kgaotse, tsoho la hae o ntsa le phahamisitse.
Ka baka la phoso tsa lona le tla lahlehelwa, le lahlehelwe ke lefa ke le file lona. Ke tla le etsa makgoba a dira tsa lona, ke le etse makgoba naheng eo le sa e tsebeng, hobane le entse hore kgalefo ya ka e tuke, e laime malakabe kamehla yohle.”
Setjhaba sa korotla haholo moo Morena a ntseng a utlwa. Ha Morena a utlwa, bohale ba hae ba tlokoma, mollo wa Morena wa se laimela, wa tjhesa meedi ya diahelo lore!
Yaba Moshe o re ho Morena: “Ke ka baka lang ha o entse mohlanka wa hao tjee? Ke ka baka lang ha o sa nkgauhele, o mpelesitse mojaro wa setjhaba see sohle?
Moshe e ne e le motho ya mosa haholo ho feta batho bohle ba kileng ba phela lefatsheng.
Setjhaba sa tloha diahelong tsa Kora, le tsa Datane, le tsa Abirame, ka mahlakoreng wohle. Bo-Datane le Abirame, le basadi ba bona, le bara ba bona, le bana ba bona, ba tswa, ba ema menyakong ya ditente tsa bona.
Setjhaba sa nyatsa Modimo le Moshe, sa re: “Ke hobaneng ha le re nyolotse Egepeta, hore re tlo shwela moo lehwatateng? Mona ha ho na dijo, ha ho na le metsi, re tenehile le ke dijo tsena tse mpe!”
Yare ha Jesu a bona hona, a halefa, a re ho bona: “Lesang bana ba tle ho nna, le se ke la ba thibela, hobane Mmuso wa Modimo ke wa ba jwaloka bona.
A ba ya ka mahlo a halefile, a utlwisitswe bohloko ke bothata ba dipelo tsa bona, a re ho motho eo: “Otlolla letsoho!” A le otlolla, mme letsoho la hae la fola.
Kgalefo ya ka e tuka malakabe, e tlokoma ho ya fihla Nqalong ya Bafu, e timetsa lefatshe le tsa lona, e tjhesa le metheo ya dithaba.