Ke tla tsamaya ke ikgutlelle haeso, ho fihlela ba dumela molato wa bona, ba o dumela, ba bile ba mpatla. Matshwenyehong a bona ba tla mpatla, ba mpatlisise.”
Setjhaba sa korotla haholo moo Morena a ntseng a utlwa. Ha Morena a utlwa, bohale ba hae ba tlokoma, mollo wa Morena wa se laimela, wa tjhesa meedi ya diahelo lore!
Moshe a utlwa setjhaba se lla hohle, malapeng a sona, motho ka mong a lla a le monyakong wa tente ya hae. Kgalefo ya Morena ya tlokoma haholo, mme Moshe a swaba haholo.