Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 11:11 - BIBELE

11 Yaba Moshe o re ho Morena: “Ke ka baka lang ha o entse mohlanka wa hao tjee? Ke ka baka lang ha o sa nkgauhele, o mpelesitse mojaro wa setjhaba see sohle?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Moshe a re ho Jehova: A ke ka baka lang o swabisang mohlanka wa hao na? Ke ba baka lang ha ke sa ka ka fumana mohau pela mahlo a hao, haele moo o ntjarisitse phahlo ya setjhaba sena kaofela?

Ver Capítulo Copiar




Numere 11:11
16 Referencias Cruzadas  

Ke tla re ho Modimo: ‘Se ke be wa nkahlola; mpolelle tseo o nqosang ka tsona.


Morena, ha o tshwaya diphoso, o tshwaya phoso tsa rona, ke mang, Morena, ya ka phelang?


O se ke wa qosa mohlanka wa hao, hobane ho wena ha ho ya lokileng.


Moshe a ipiletsa ho Morena, a re: “Setjhaba see ke tla se etsa jwang? Ho se ho se hokae se ntlepetsa ka majwe!”


Yaba Moshe o kgutlela ho Morena, o re: “Morena, o etseditseng setjhaba see hampe? Ke ka baka lang o ileng wa nthoma?


Ke madimabe hakaakang, mme, ha o ila wa mpeleha, wa mpelehela hore ke be motho wa diqabang, motho wa meferefere hara lefatshe lohle! Ha ke a ka ka adima kapa ka adimana, empa e mong le e mong o a nthohaka.


Ke hobaneng bohloko ba ka ha bo sa fele? Qeba la ka le phephetha boladu, le hana ho fola? Na o tla itshwantsha le mothetsi ho nna, o be jwaloka sediba, diba se metsi a pshang?”


“Le itse: ‘Ha ho thuse letho ho sebeletsa Modimo. Morena wa mabotho o re buseletsa ka eng ha re phetha ditaelo tsa hae, mme re inyatsa?


Moshe a utlwa setjhaba se lla hohle, malapeng a sona, motho ka mong a lla a le monyakong wa tente ya hae. Kgalefo ya Morena ya tlokoma haholo, mme Moshe a swaba haholo.


Haeba o nketsa tjena, hlo mpolaye hona jwale, ke a o rapela, haeba o nkgauhetse, e le hore ke se ke ka bona bomadimabe ba ka.”


Kantle ho tsena tse ntlhahetseng, ka letsatsi le letsatsi ke ntse ke imelwa ke ho hlokomela dikereke tsohle.


Jwale nna, ke le mong, nka tseba jwang ho jara ditsietsi tsa lona, le mejaro ya lona, le diqabang tsa lona?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos