Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 11:12 - BIBELE

12 Na ke nna ya emotseng setjhaba see sohle? Na ke nna ya se tswetseng, ha o re ho nna: ‘Ba sike sefubeng sa hao, jwalokaha mohodisi a sika lesea, o ba ise naheng eo ke e hlapanyeditseng bo-ntata bona’?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 A hleka ke nna ke emotseng setjhaba sena sohle na? A ke nna ke se tswetseng, ha o tla re: Se jare ka sefubeng sa hao, jwaloka moanyesi ha a jara ngwana ya anyang, se be se fihle naheng eo o hlapanyeditseng bontata sona hoba o tla se nea yona na?

Ver Capítulo Copiar




Numere 11:12
20 Referencias Cruzadas  

Naha yohle eo o e bonang ke tla o nea yona le ditloholo tsa hao kamehla yohle.


Morena, Modimo wa lehodimo, ya ileng a ntlosa tlung ya ntate le naheng eo ke ileng ka tswallwa ho yona, o ne a bue le nna, mme a ntlhapanyetsa, a re: ‘Ditloholo tsa hao ke tla di nea naha ena.’ Ke yena ya tla romela lengeloi la hae ho o etella pele, mme o tla nkela mora wa ka mosadi hona teng.


Jaka naheng eo, mme ke tla ba le wena, ke o hlohonolofatse, hobane wena le ditloholo tsa hao ke tla le nea dinaha tsena tsohle. Ke tla tiisa kano eo ke neng ke e hlapanyetse ntatao Aborahama.


Yaba Josefa o re ho bana babo: “Ke se ke le lekgatheng la ho shwa, empa Modimo o tla le etela, a le nyolle naheng ena, a le isa naheng eo a neng a e hlapanyetse Aborahama, le Isaka, le Jakobo hore o tla ba nea yona.”


Akabe o ne a ena le bara ba mashome a supileng motseng wa Samaria. Jehu a ngola mangolo, a a romela Samaria ho babusi ba motse, le ho baholo ba setjhaba, le ho bahodisi ba bana ba Akabe. Mangolong ao o ne a itse:


Mookamedi wa lelapa la kgosi, le mmusi wa motse, le baholo ba setjhaba, le bahodisi ba bana ba Akabe, ba romela molaetsa ho Jehu, ba re: “Re bahlanka ba hao, mme re tla etsa tsohle tseo o tla re laela tsona. Ha re ka ke ra bea kgosi e nngwe; wena etsa seo o bonang se lokile.”


“E tle ere ha Morena a se a o fihlisitse naheng ya Kanana jwalokaha a ile a o hlapanyetsa, wena le bo-ntatao, hore o tla o nea yona,


Ha Morena a le fihlisa naheng ya Bakanana, le ya Bahete, le ya Baamore, le ya Bahife, le ya Bajebuse, eo a ileng a e hlapanyetsa bo-ntata lona, hore o tla le nea yona, e leng naha e phallang lebese le mahe a dinotshi, le tle le etse tshebeletso ena, ka kgwedi ena.


Morena a bua ho Moshe, a re: “Tloha sebakeng sena, wena le setjhaba seo o se nyolotseng naheng ya Egepeta, o se ise naheng eo ke ileng ka hlapanyetsa Aborahama, le Isaka, le Jakobo, ka re: ‘Ke tla e nea ditloholo tsa hao.’


Ke tla le fihlisa naheng eo ke neng ke hlapanye hore ke tla e nea Aborahama, le Isaka, le Jakobo, mme ke tla e nea lona e be leruo la lona. Ke nna Morena.’ ”


O katla mohlape wa hae jwaloka modisa, dikonyana o di sika ka matsoho a hae, a di sikele sefubeng sa hae, ditswetse tsona a di kganne hantle.


“Na mosadi a ka lebala lesea leo a le anyesang, a se ka hauhela ngwana wa popelo ya hae? Leha yena a ka lebala, nna ha nka ke ka o lebala!”


Dikgosi e tla ba bahodisi ba hao, kgosatsana tsa tsona e be baanyesi ba hao. Di tla o obamela fahleho di tadimile fatshe, di be di nyeke lerole le maotong a hao. Ke moo o tla tseba hore Morena ke nna, hobane ba ntshepileng ba ke ke ba hlajwa ke dihlong.”


Ke tla di nea modisa a le mong, e leng mohlanka wa ka Davida; o tla di alosa, a di fepe, e be modisa wa tsona.


“Ke nna modisa ya molemo. Modisa ya molemo o tella dinku tsa hae bophelo ba hae.


Leha le ka ba le bahlokomedi ba diketekete ba le rutileng tsa Kreste, empa le na le ntate a le mong. Ho Kreste Jesu, ke nna ya le tswetseng ka molaetsa o molemo.


Bana ba ka, ke boela ke le utlwela bohloko bo kang ba pelehi, ho fihlela Kreste a bopeha ka ho lona.


Le lehwatateng, tseleng yohle eo le e tsamaileng, ho tla fihla sebakeng sena, le bone kamoo Morena Modimo wa lona, a ileng a le pepa kateng, jwalokaha monna a pepa mora wa hae.’


le hoja re ka be re nnile ra le kgoka, kaha re le baapostola ba Kreste. Empa re ile ra ba bonolo ha re le hara lona, jwalokaha mosadi a baballa bana ba hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos