Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 11:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Jwale Moshe a utlwa setjhaba se lla ka matlung wohle a sona, e mong le e mong monyako wa tente ya hae. Le yona kgalefo ya Jehova ya tuka hampe. Yaba Moshe o a hlabeha.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Moshe a utlwa setjhaba se lla hohle, malapeng a sona, motho ka mong a lla a le monyakong wa tente ya hae. Kgalefo ya Morena ya tlokoma haholo, mme Moshe a swaba haholo.

Ver Capítulo Copiar




Numere 11:10
19 Referencias Cruzadas  

ba mpa ba dumaduma ditenteng tsa bona, mme ha ba ka ba ela lentswe la Jehova hloko.


Jehova, ha ke re, ke hloile ba o hloileng? Ha ke re, ke halefetse ba o phahamelang?


Yanayare Jehova ha a utlwa dipolelo tseo, a halefa, mollo wa tukela Jakobo, bohale ba phahamela Iseraele,


Modimo ha o bona hoo, wa halefa haholo, wa tenwa hampe ke Iseraele.


Ka baka leo, kgalefo ya Jehova e tuketse setjhaba sa hae, mme o otlolletse letsoho la hae hodima sona, o se otlile; dithaba di a sisinyeha; ditopo tsa bona di ba jwaloka dithole tsa mmila. Leha ho le jwalo, ha a kgutla kgalefong ya hae, empa letsoho la hae le sa ntse le otlolohile.


Ka molato wa hao o tla senyehelwa ke lefa leo ke neng ke o neile lona; ke tla o etsa mofo wa bao e leng dira ho wena, lefatsheng leo o sa le tsebeng, hobane le tukisitse mollo wa kgalefo ya ka, o ya nne o tjhese ka ho sa feleng.


Setjhaba sa korotla, mme ha eba hobe ditsebeng tsa Jehova; Jehova a utlwa, mme kgalefo ya hae ya tuka; mollo wa Jehova wa tuka hara bona, wa qeta karolo ya diahelo e kamorao.


Moshe a re ho Jehova: A ke ka baka lang o swabisang mohlanka wa hao na? Ke ba baka lang ha ke sa ka ka fumana mohau pela mahlo a hao, haele moo o ntjarisitse phahlo ya setjhaba sena kaofela?


Ha phoka e ne e theohela hodima diahelo bosiu, manna le yona e ne e theohela hodima tsona.


Haele Moshe, e ne e le monna ya mosa, ya mosa ho fetisa motho ofe le ofe ya lefatsheng.


Kgalefo ya Jehova ya ba tukela, mme a tloha.


Yaba ba tloha pela tente tsa Kore, le Dathane, le Abirame, ka nqa tsohle. Dathane le Abirame ba tswa, ba ema pela menyako ya ditente tsa bona, ba ena le basadi ba bona, le bara ba bona, le bana ba bona ba banyenyane.


Na ke ka baka lang ha le re nyolotse Egepeta hore re tlo shwela lefeelleng na? Hobane, mona, ha ho bohobe, ha ho metsi, mme pelo tsa rona di tennwe ke bohobe bona bo sa tsebisahaleng.


Jesu, ha a bona hoo, a ba bohale, a re ho bona: Lesang bana ba tle ho nna, mme le se ke la ba thibela; hobane mmuso wa Modimo ke wa ba jwaloka bona.


A ba habanya ka bohale, a swabile ke bothata ba dipelo tsa bona; yaba o re ho motho eo: Otlolla letsoho la hao. A le otlolla; yaba letsoho la hae le a fola, la boela la loka jwaloka le leng.


Hobane mollo o hoteditswe kgalefong ya ka, mme o tla tjhesa ho isa tlase nqalong ya bafu; o tla tjhesa lefatshe le tse behwang ke lona, o tjhese le metheo ya dithaba.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos