Empa Joabe o ne a sa ka a balella ba morabe wa Levi le ba morabe wa Benjamine, hobane o ne a hanyetsa taelo ya kgosi.
Numere 1:47 - BIBELE Empa ha e le Balevi bona ha ba a ka ba balellwa le ba merabe e meng. Sesotho 1909/1961 (SO) Haele Balevi, le leloko la bontata bona, ha ba ka ba baliwa hara ba ngotsweng. |
Empa Joabe o ne a sa ka a balella ba morabe wa Levi le ba morabe wa Benjamine, hobane o ne a hanyetsa taelo ya kgosi.
Wena le Arone le bale banna bohle bao e ka bang bahlabani ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi, ho ya hodimo; le ba bale ka mabotho a bona.
O kgethe Balevi hore e be bona balebedi ba Tente ya Morena, e kentseng areka ya selekane, le balebedi ba dijana tsohle tsa yona, le thepa yohle ya yona. Ba tla jara Tente le dijana tsohle tsa yona, e be basebeletsi ka ho yona, mme diahelo tsa bona di e potapote.
Empa ha e le Balevi ha ba a ka ba balellwa le bana ba Iseraele, jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe.
Ena ke meloko ya Arone le Moshe, mohla Morena a neng a bua ho Moshe a le hodima thaba ya Sinai.
“Bala bana ba Levi ho ya ka matlo a bo-ntata bona, le ka malapa abo bona; o bale e mong le e mong e motona, ho tloha ka ya nang le kgwedi ho ya hodimo.”
Moshe a abela e mong le e mong mosebetsi wa hae, le seo a tla se jara, ho ya ka taelo ya Morena, mme ba balwa jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe.