Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 1:46 - BIBELE

46 Bohle ba ileng ba balwa ya eba dikete tse makgolo a tsheletseng le metso e meraro le makgolo a mahlano le mashome a mahlano.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

46 Ba ngotsweng bohle ya eba dikete tse makgolo a tsheletseng a metso a meraro, tse nang le makgolo a mahlano a nang le mashome a mahlano.

Ver Capítulo Copiar




Numere 1:46
24 Referencias Cruzadas  

“Ke tla o etsa setjhaba se seholo, ke o hlohonolofatse, ke tumise lebitso la hao, mme ba bang ba tla hlohonolofala ka wena.


Ditloholo tsa hao di tla ba kaalo ka lerole la lefatshe, mme haeba ho na le motho ya ka balang lerole la lefatshe, le ditloholo tsa hao a ka di bala.


A mo nkela kantle mme a re ho yena: “Tadima lehodimong, mme o bale dinaledi, haeba o ka tseba ho di bala;” mme a re: “Ditloholo tsa hao di tla ba kaalo.”


“Ke tla o fa bana ba bangata haholo; ho wena ho tla tswa ditjhaba, mme o tla tswala dikgosi.


ruri ke tla o hlohonolofatsa haholo, ditloholo tsa hao ke di ngatafatse jwaloka dinaledi tsa lehodimo, le jwaloka lehlabathe le lebopong le lewatle. Ditloholo tsa hao di tla hapa metse ya dira tsa tsona.


Jaka naheng eo, mme ke tla ba le wena, ke o hlohonolofatse, hobane wena le ditloholo tsa hao ke tla le nea dinaha tsena tsohle. Ke tla tiisa kano eo ke neng ke e hlapanyetse ntatao Aborahama.


Ditloholo tsa hao di tla ba kaalo ka lerole la lefatshe, mme o tla namela bophirimela, le botjhabela, le leboya, le borwa. Merabe yohle ya lefatshe e tla hlohonolofatswa ka wena le ka ditloholo tsa hao.


Joabe a nea kgosi palo ya setjhaba se badilweng. Setjhabeng sa Baiseraele ho ne ho ena le banna ba bahlabani ba dikete tse makgolo a robedi, ba neng ba tshwara sabole; athe ho sa Juda teng ho ne ho ena le bahlabani ba dikete tse makgolo a mahlano.


Setjhaba sa morabe wa Juda le sa Iseraele se ne se le sengata jwaloka lehlabathe le lebopong la lewatle. Se ne se eja, se enwa, se nyakalla.


Joabe a fihla a bolella kgosi Davida palo ya setjhaba. Baiseraele bohle, bao e neng e le matsholathebe, ba ne ba le mileone le dikete tse lekgolo. Ba morabe wa Juda ba ne ba le dikete tse makgolo a mane le mashome a supileng.


Abiya a thea theko ya ntwa ka mokgetho wa bahale ba dikete tse makgolo a mane. Jeroboame le yena a thea theko ya ntwa ka mokgetho wa bahale ba dikete tse makgolo a robedi.


Bana ba Iseraele ba tsamaya ho tloha Ramesese ho ya fihla Sukote, e le banna ba ditaaso ba dikete tse makgolo a tsheletseng, ho sa balwe bana.


Motho ka mong wa ba badilweng, ho qala ka ya dilemo tse mashome a mabedi, ho ya hodimo, a ntsha keramo tse tsheletseng, tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong. Palo ya ba ntshitseng ya eba dikete tse makgolo a tsheletseng a metso e meraro, le makgolo a mahlano le mashome a mahlano.


Ena ke palo ya bana bohle ba Iseraele ba ileng ba balwa ho ya ka matlo a bo-ntata bona, bao e neng e ka ba bahlabani ba mabotho a Iseraele, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo.


Moshe a re: “Batho ba ditaaso bao ke nang le bona ke dikete tse makgolo a tsheletseng, empa o re: ‘Ke tla ba fa nama eo ba tla e ja kgwedi kaofela!’


Ditopo tsa lona di tla rapalla lehwatateng lena; lona bohle ba badilweng ha ho balwa setjhaba, bohle ba dilemo di mashome a mabedi ho ya hodimo, ba ileng ba nkorotlela;


Bana ke bana ba Iseraele ba ileng ba balwa, ho ya ka matlo a bo-ntata bona. Bohle ba mekgetho ba badilweng ho ya ka mabitso a bona ya eba dikete tse makgolo a tsheletseng le metso e meraro le makgolo a mahlano le mashome a mahlano.


Ke mang ya ka balang ditloholo tsa Jakobo? Ke mang ya ka balang karolo ya bone ya Baiseraele? A nke ke shwe lefu la ba lokileng! Pheletso ya ka e ke e tshwane le ya hae.”


Palo ya bana ba Iseraele ba badilweng e ne e le dikete tse makgolo a tsheletseng le motso o le mong le makgolo a supileng le mashome a mararo.


“Bo-ntata lona ba ne ba theohele Egepeta e le batho ba mashome a supileng, empa jwale Morena Modimo wa lona, o le ngatafaditse jwaloka dinaledi tsa lehodimo.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos