La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Numere 1:3 - BIBELE

Wena le Arone le bale banna bohle bao e ka bang bahlabani ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi, ho ya hodimo; le ba bale ka mabotho a bona.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho isa ho ba fetang moo; wena le Aarone, le tle le bale palo eo ka makgotla a bona;

Ver Capítulo



Numere 1:3
16 Referencias Cruzadas  

Joabe a nea kgosi palo ya setjhaba se badilweng. Setjhabeng sa Baiseraele ho ne ho ena le banna ba bahlabani ba dikete tse makgolo a robedi, ba neng ba tshwara sabole; athe ho sa Juda teng ho ne ho ena le bahlabani ba dikete tse makgolo a mahlano.


Ba morabe wa Rubene le ba morabe wa Gade, le halofo ya ba morabe wa Manase, ba ne ba ena le bahale ba tsebang ho lwana ka thebe le sabole, ba tsebang le ho fula ka metsu, ba kwetliseditsweng ntwa. Palo ya bona e ne e le dikete tse mashome a mane a metso e mene le makgolo a supileng le mashome a tsheletseng.


Amasiya a kgobokanya setjhaba sa Juda kaofela. Hara ba morabe wohle wa Juda, le wa Benjamine, a kgetha balaodi ba bahlabani ba dikete, le balaodi ba ba makgolo, ho ya ka malapa a bo-ntata bona. A ba bala ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo, mme kaofela ya eba mokgetho wa bahlabani ba dikete tse makgolo a mararo, e le banna ba ka yang ntweng, ba ka lwanang ka thebe le lerumo.


“ ‘Le tla nne le etse mokete wa bohobe bo sa lomoswang, hobane ke ka letsatsi lena ke ntshitseng mabotho a lona naheng ya Egepeta; kahoo lona le meloko yohle ya lona le tla boloka letsatsi lena e le taelo ya mehla yohle.


E mong le e mong ya kenang sehlopheng sa ba ngodisitsweng, ho tloha ka ya dilemo tse mashome a mabedi, ho ya hodimo, o tla fana ka seabo ho Morena.


Motho ka mong wa ba badilweng, ho qala ka ya dilemo tse mashome a mabedi, ho ya hodimo, a ntsha keramo tse tsheletseng, tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong. Palo ya ba ntshitseng ya eba dikete tse makgolo a tsheletseng a metso e meraro, le makgolo a mahlano le mashome a mahlano.


Ditopo tsa lona di tla rapalla lehwatateng lena; lona bohle ba badilweng ha ho balwa setjhaba, bohle ba dilemo di mashome a mabedi ho ya hodimo, ba ileng ba nkorotlela;


“Balang setjhaba sohle sa bana ba Iseraele, ka malapa abo bona, ho tloha ka ba nang le dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo, bohle bao e ka bang bahlabani ba Iseraele.”


“Bala bana ba Levi ho ya ka matlo a bo-ntata bona, le ka malapa abo bona; o bale e mong le e mong e motona, ho tloha ka ya nang le kgwedi ho ya hodimo.”


‘Ruri, banna bohle bao ke ba nyolotseng Egepeta, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo, ba ke ke ba bona naha eo ke neng ke e hlapanyetse Aborahama, le Isaka, le Jakobo, hobane ha ba a ntatela ka botshepehi.


Ana ke maeto a bana ba Iseraele, ha ba ne ba falla naheng ya Egepeta ka mabotho a bona, ba le tsamaisong ya Moshe le Arone.


ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mararo ho ya hodimo, ho ya fihla ho ba dilemo tse mashome a mahlano; bana bohle e be bona ba tla sebeletsa ka Tenteng ya Morena.


“Ha monna a qeta ho nyala, a se ke a tswa le bahlabani ha ba futuha; hape a se ke a laelwa ho etsa mosebetsi ofe kapa ofe. O tla lokollwa hore a qete selemo a le lapeng la hae, a ithabise le mosadi wa hae, eo a tswa mo nyala.


“Ka yona nako eo, ke ile ka le laela, ka re: ‘Morena Modimo wa lona, o le neile naha ena hore e be ya lona. Bahlabani bohle ba lona ba tla tshelela mose ba hlometse, ba eteletse bana babo lona, bana ba Iseraele, pele.