Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Eksoda 12:17 - BIBELE

17 “ ‘Le tla nne le etse mokete wa bohobe bo sa lomoswang, hobane ke ka letsatsi lena ke ntshitseng mabotho a lona naheng ya Egepeta; kahoo lona le meloko yohle ya lona le tla boloka letsatsi lena e le taelo ya mehla yohle.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Le tla nne le kgethe mokete wa bohobe bo se nang ditomoso, hobane e tla be e le ka letsatsi leo ke ntshitseng makgotla a lona naheng ya Egepeta; le tla boloka letsatsi leo melokong ya lona, ke taelo e sa feleng.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 12:17
12 Referencias Cruzadas  

Letsatsi lena e tla ba la kgopotso ho lona, mme le tla le tlotlisa ka ho etsetsa Morena mokete. Meloko yohle ya lona e tla le boloka e le taelo ya mehla yohle.’ ”


“Le tla boloka taelo ena, e be molao ho lona le ho bana ba lona kamehla yohle.


Kamora dilemo tse makgolo a mane le mashome a mararo, ka lona letsatsi leo, mabotho wohle a Morena a tswa naheng ya Egepeta.


Le tla e boloka ho fihlela letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ena, e nto hlajwa ka shwalane, moo setjhaba sohle se leng teng.


O tla boloka taelo ena ka nako ya teng, ka selemo se seng le se seng.”


Moshe a re ho setjhaba: “Hopolang letsatsi lena, leo ka lona le tswileng Egepeta, moo le neng le le makgoba teng, hobane Morena o le ntshitse teng ka letsoho la hae le matla. Le se ke la ja bohobe bo lomositsweng.


Ka letsatsi lena o tla bolella mora wa hao, o re: ‘Ke etsa hona ka baka la seo Morena a ileng a nketsetsa sona, mohla ke tswang Egepeta.’


“O boloke mokete wa bohobe bo sa lomoswang. Ka matsatsi a supileng o tla ja bohobe bo sa lomoswang, jwalokaha ke o laetse, ka nako e beilweng, ka kgwedi ya Mmesa, hobane o tswile Egepeta ka kgwedi eo ya Mmesa.


Arone le Moshe ke bona bao Morena a neng a re ho bona: “Ntshang bana ba Iseraele naheng ya Egepeta, ho ya ka mabotho a bona.”


Baegepeta ba tla tseba hore ke Morena, ha ke otlolla letsoho la ka ke ba otla, mme ke ntsha bana ba Iseraele hara bona.”


Re ile ra ipiletsa ho Morena. Morena o ile a re utlwa, mme a romela lengeloi, a re ntsha Egepeta. “ ‘Jwale re mona Kadeshe, e leng motseng o meeding ya naha ya hao.


Le se ke la e jelella ka bohobe bo lomositsweng. Ka matsatsi a supileng le tla e jelella ka bohobe bo sa lomoswang, e leng bohobe ba matshwenyeho, hobane le ne le tswe Egepeta ka ntshwe-di-safohlwa; e le hore ka matsatsi wohle a ho phela ha lona le nne le hopole mohla le neng le etswa naheng ya Egepeta.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos