La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Numere 1:2 - BIBELE

“Balang setjhaba sohle sa bana ba Iseraele ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona, ho ya ka palo ya mabitso a banna bohle.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Balang phutheho yohle ya bana ba Iseraele, ka matlo a bona le ka matlo a bontata bona; o ngole ka bonngwe mabitso a ba batona bohle, e leng a Baiseraele bohle ba ka yang ntweng,

Ver Capítulo



Numere 1:2
16 Referencias Cruzadas  

Bana ba Iseraele ba tsamaya ho tloha Ramesese ho ya fihla Sukote, e le banna ba ditaaso ba dikete tse makgolo a tsheletseng, ho sa balwe bana.


“Ha o bala bana ba Iseraele hore ba tle ba ngodiswe, motho ka mong wa bona a ntshetse Morena seabo se lopollang bophelo ba hae, hore a se ke a welwa ke sewa ha ba ntse ba ngodiswa.


Silefera e neng e bokeletswe ke setjhaba e ne e etsa boima ba dikilo tse dikete tse tharo le makgolo a mane le mashome a mararo, tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong.


Motho ka mong wa ba badilweng, ho qala ka ya dilemo tse mashome a mabedi, ho ya hodimo, a ntsha keramo tse tsheletseng, tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong. Palo ya ba ntshitseng ya eba dikete tse makgolo a tsheletseng a metso e meraro, le makgolo a mahlano le mashome a mahlano.


Ka letsatsi la pele la kgwedi ya bobedi, ba kgobokanya setjhaba sohle. Monna e mong le e mong, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo, a bolela lebitso la hae le leloko la hae, ho ya ka morabe wa hae le lelapa la hae.


Moshe a ba bala ba le lehwatateng le Sinai, jwalokaha Morena a ne a mo laetse.


Ha balwa bana ba Simeone, ho ya ka meloko ya bona, le ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona; le ho ya ka mabitso a banna bohle bao e ka bang bahlabani, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo.