Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 1:1 - BIBELE

1 Ka letsatsi la pele la kgwedi ya bobedi, selemong sa bobedi bana ba Iseraele ba tlohile naheng ya Egepeta, ha Moshe a le ka Tenteng ya Morena, lehwatateng la Sinai, Morena a bua ho Moshe, a re:

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ka selemo sa bobedi sa ho tloha ha bona lefatsheng la Egepeta, ka tsatsi la pele la kgwedi ya bobedi, Jehova a bua le Moshe, lefeelleng la Sinai, ka tenteng ya pokano, a re:

Ver Capítulo Copiar




Numere 1:1
15 Referencias Cruzadas  

Ka selemo sa makgolo a mane le mashome a robedi bana ba Iseraele ba tswile Egepeta, ka kgwedi ya Motsheanong, e leng kgwedi ya bobedi selemong sa bone Solomone a busa naha ya Iseraele, Solomone a qala ho haha Tempele ya Morena.


Ka kgwedi ya boraro bana ba Iseraele ba tswile naheng ya Egepeta, ka lona letsatsi leo ba fihla lehwatateng la Sinai.


Ha ba tloha Refidime ba fihla lehwatateng la Sinai, mme ba hloma moo lehwatateng. Baiseraele ba hloma kapele ho thaba.


Ke tla kopana le wena hona moo, ke bue le wena ke le hodima sekwahelo sa tefelo ya sebe, pakeng tsa dikerubime tse pedi, tse hodima areka ya selekane. Ke tla o nea melao yohle ya bana ba Iseraele.”


Ka letsatsi la pele, la kgwedi ya pele, selemong sa bobedi, Leaho la hlongwa.


“Ka letsatsi la pele, la kgwedi ya pele, o tla hloma Leaho, Tente ya Morena.


Morena a bitsa Moshe a le ka Tenteng ya Morena, a re:


Ena ke melao eo Morena a e laetseng Moshe bakeng sa bana ba Iseraele, a le thabeng ya Sinai.


Ka letsatsi la pele la kgwedi ya bobedi, ba kgobokanya setjhaba sohle. Monna e mong le e mong, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo, a bolela lebitso la hae le leloko la hae, ho ya ka morabe wa hae le lelapa la hae.


Hanghang Morena a bua ho Moshe, le ho Arone, le ho Meriama, a re: “Lona ba bararo tloong ka Tenteng ya Morena!” Boraro ba bona ba tla ka Tenteng ya Morena.


Ka kgwedi ya pele, selemong sa bobedi bana ba Iseraele ba tlohile naheng ya Egepeta, Morena a bua ho Moshe a le lehwatateng la Sinai, a re:


Ka letsatsi la pele la kgwedi ya leshome le motso o mong, selemong sa mashome a mane, Moshe a bua ho bana ba Iseraele, ho ya kamoo Morena a neng a mo laetse kateng mabapa le bona.


“Dilemo tseo re di nkileng ho tloha Kadeshe-Barenea, ho fihlela re tshela nokana ya Serede, e bile mashome a mararo a metso e robedi. Bahlabani bohle ba moloko oo, ba ne ba se ba shwele, jwalokaha Morena a ne a ile a ba hlapanyetsa.


“Morena Modimo wa lona, o le hlohonolofaditse mesebetsing yohle eo le e etsang. O ile a le hlokomela leetong la lona hara lehwatata lena le leholo. Ka dilemo tsena tse mashome a mane, Morena Modimo wa lona, o bile le lona, mme ha le a ka la hloka letho.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos