Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Eksoda 38:25 - BIBELE

25 Silefera e neng e bokeletswe ke setjhaba e ne e etsa boima ba dikilo tse dikete tse tharo le makgolo a mane le mashome a mararo, tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Haele silefera ya bohle ba phutheho ba badilweng, ya eba ditalenta tse lekgolo le nang le dishekele tse sekete se nang le makgolo a supileng a mashome a supileng a metso e mehlano, ha ho uwa ka shekele ya sehalalelo;

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 38:25
5 Referencias Cruzadas  

Yaba Morena o bua ho Moshe, o re:


“Ha o bala bana ba Iseraele hore ba tle ba ngodiswe, motho ka mong wa bona a ntshetse Morena seabo se lopollang bophelo ba hae, hore a se ke a welwa ke sewa ha ba ntse ba ngodiswa.


O tla bokella tjhelete ena ya topolla ya bophelo, e ntshwang ke bana ba Iseraele, mme o e sebedise mererong ya Tente ya Morena; e tla ba eo Morena a tla hopola bana ba Iseraele ka yona, mme a lopolle bophelo ba lona.”


“Balang setjhaba sohle sa bana ba Iseraele ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona, ho ya ka palo ya mabitso a banna bohle.


“Balang setjhaba sohle sa bana ba Iseraele, ka malapa abo bona, ho tloha ka ba nang le dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo, bohle bao e ka bang bahlabani ba Iseraele.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos