Setjhaba sohle sa araba ka mantswe a phahameng, sa re: “Ho lokile! Re tla etsa jwalokaha o boletse!
Nehemia 5:12 - BIBELE Yaba ba re: “Re tla di kgutlisa, mme re ke ke ra ba lefisa letho. Re tla etsa jwalokaha o boletse.” Jwale ka bitsa baprista, le mahosana ana, le babusi bana, ka ba hlapantsha hore ba etse jwalokaha ba tshepisitse. Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba ba re: Re tla ba buseletsa tsona, mme re ke ke ra ba batla letho; re tla etsa jwalokaha o bolela. Yaba ke bitsa baprista, ka ba hlapantsha hore ba tle ba etse ka polelo eo. |
Setjhaba sohle sa araba ka mantswe a phahameng, sa re: “Ho lokile! Re tla etsa jwalokaha o boletse!
Yaba Esera o a ema, o etsa hore baprista ba baholo, le Balevi, le Baiseraele bohle, ba hlapanye hore ba tla etsa jwalo, ho latela polelo ya Shekaniya. Ba fela ba hlapanya.
ba ikopanya le bana babo bona, le mahosana a bona, ba hlapanya hore, haeba ba ke ke ba latela Molao wa Modimo, oo ba o neilweng ke Moshe, mohlanka wa Modimo, ba rohakehe. Ba hlapanya le hore ba tla boloka, mme ba phethe melao yohle ya Morena Modimo wa bona, le dikahlolo tsa hae, le ditaelo tsa hae.
“Haeba baditjhaba ba ka tlisa dintho tseo ba di rekisang, kapa dijo, ka tsatsi la Sabatha, kapa ka letsatsi lefe le lefe le halalelang, re ke ke ra di reka, mme ka selemo sa bosupa masimo a rona a tla lala, re leballane melato ka selemo seo.
Ka ba kgalemela, ka ba nea thohako, ka ba ka otla ba bang ba bona, ka ba hlotha moriri. Ka re ba hlapanye ka lebitso la Modimo, ba re: “Re ke ke ra nyallana le baditjhaba.
Ke a le kopa hle: Hona jwale kgutlisetsang batho bana masimo a bona, le dirapa tsa bona tsa morara, le dirapa tsa bona tsa mohlwaare, le matlo a bona, le karolo e le nngwe, ho tse lekgolo, ya tjhelete ya bona, le ya koro ya bona, le ya veine ya bona, le ya ole ya bona, e leng tswala ya dintho tseo le di nkileng ho bona.”
Empa Jesu a kgutsa. Moprista e Moholo a re ho yena: “Ke re o hlapanye ka Modimo ya phelang, o re bolelle hore na o Kreste, Mora Modimo.”
Sakiya a ema, a re ho Morena: “Bona, Morena, maruo a ka ke a arolela mafutsana ka lehare, mme eo ke mo amohileng ho hong ka mano ke mmuseletsa hona hane.”