Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 19:8 - BIBELE

8 Sakiya a ema, a re ho Morena: “Bona, Morena, maruo a ka ke a arolela mafutsana ka lehare, mme eo ke mo amohileng ho hong ka mano ke mmuseletsa hona hane.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Empa Sakea a ema, a re ho Morena: Bona, Morena, leruo la ka ke le arolela mafutsana kalehare; mme ha ke amohile motho ntho e nngwe ka thetso, ke busetsa ho yena tse nne.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

8 Sakea a ema, a re ho Morena; Bona, Morena, halofo ya thepa ya ka ke e nea bafumanehi; mme ha ke amohile motho ntho e nngwe ka thetso, ke mo buseletsa hasaneng hane.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Sakea a ema, a re ho Morena; Bona, Morena, halofo ya thepa ya ka ke e nea bafumanehi; mme ha ke amohile motho ntho e nngwe ka thetso, ke mo buseletsa hasaneng hane.

Ver Capítulo Copiar




Luka 19:8
22 Referencias Cruzadas  

a be a lefe konyana eo ka tse nne, hobane a hlokile mohau, a entse ntho ena e mpe.”


Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.


“O se ke wa etseletsa motho e mong.


Ha le ka tshwarwa le tla lefa hasupa, le lefe ka tsohle tsa lapa la lona.


o kgutlisa se neng se beilwe paneng, o kgutlisa le seo a neng a se utswitse, o boloka ditaelo tse phedisang, ha a sa hlola a etsa bokgopo, ruri o tla phela, a ke ke a shwa.


O tla ipolela sebe seo a se entseng, a lefe molato wa hae ka ho tlala, mme a be a eketse tefo eo ka karolo ya yona ya bohlano, a e nee eo a mo sitetsweng.


Leha ho le jwalo, fanang ka se tswang botebong ba pelo, mme bonang, tsohle di tla be di hlwekile ho lona.


Rekisang maruo a lona, mme le thuse mafutsana; iketsetseng mekotlana e sa tsofaleng, letlotlo le sa feleng, mahodimong, moo ho sa atameleng leshodu, leha e le tshwele ho senya,


“Nna ke a le bolella: Iketsetseng metswalle ka leruo le sa lokang, hore e tle ere ha le fela, ba le amohele meahong e sa feleng.


Yare ha ba bona hoo, ba korotla bohle, ba re: “O fapohetse ha monna wa moetsadibe.”


Yare ha Morena a bona mma mofu, a mo utlwela bohloko, mme a re ho yena: “Se lle!”


a ba roma ho Morena, ho ya re: “Na ke wena ya tla tla, kapa re lebelle e mong?”


Ke nna enwa: Nqoseng kapele ho Morena, le kapele ho motlotsuwa wa hae. Ke mang eo ke nkileng pholo ya hae? Kapa ke mang eo ke nkileng tonki ya hae? Kapa ke mang eo nkileng ka mo qhekanyetsa? Ke mang eo nkileng ka mo hatella? Ke mang eo nkileng ka amohela tjotjo ho yena, e le hore ke tle ke ikgakanyetse molato wa hae? Mpolelleng, mme ke tla e kgutlisetsa ho monga yona.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos