Yaba Shekaniya, mora wa Jehiele, e leng e mong wa bara ba Elame, o re ho Esera: “Re sitetswe Modimo wa rona, re nyetse basadi ba baditjhaba ba ahileng naheng ena, empa ha e le tabeng ena, tshepo e sa le teng bakeng sa Baiseraele.
Nehemia 13:27 - BIBELE Jwale le re re le dumelle le etse bokgopo bo bokaalekaale, le sitelwe Modimo wa rona, ka ho nyala basadi ba baditjhaba?” Sesotho 1909/1961 (SO) Re ka le dumella jwang hore le etse bobe bo bokalo, mme le halefise Modimo wa rona ka ho nyala basadi ba baditjhaba? |
Yaba Shekaniya, mora wa Jehiele, e leng e mong wa bara ba Elame, o re ho Esera: “Re sitetswe Modimo wa rona, re nyetse basadi ba baditjhaba ba ahileng naheng ena, empa ha e le tabeng ena, tshepo e sa le teng bakeng sa Baiseraele.
Na ebe re sa tla boela re tlola melao ya hao, re nyallana le ditjhaba tsee, tse etsang dintho tse nyonyehang hakaale? Na o ke ke wa re halefela, mme wa qetella o re timeditse, hoo ho ke keng ha eba le mesaletsana kapa ba phonyohang?
“Haeba baditjhaba ba ka tlisa dintho tseo ba di rekisang, kapa dijo, ka tsatsi la Sabatha, kapa ka letsatsi lefe le lefe le halalelang, re ke ke ra di reka, mme ka selemo sa bosupa masimo a rona a tla lala, re leballane melato ka selemo seo.
Mehleng yona eo, ka bona Bajuda ba nyetseng basadi ba Ashedode, le ba Baamone, le ba Bamoabe.
Ke mang ya ka le mamelang tabeng ee? Jwalokaha ya neng a ile ntweng a ena le seabo, le ya neng a setse a lebetse thoto le yena o na le seabo. Ba tla arolelana ka ho tshwana.”