Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esdrase 10:2 - BIBELE

2 Yaba Shekaniya, mora wa Jehiele, e leng e mong wa bara ba Elame, o re ho Esera: “Re sitetswe Modimo wa rona, re nyetse basadi ba baditjhaba ba ahileng naheng ena, empa ha e le tabeng ena, tshepo e sa le teng bakeng sa Baiseraele.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Yaba Shekania, mora Jehiele, wa bara ba Elame, o bua, a re ho Esdrase: Re ikgantsheditse Modimo wa rona, re nyetse basadi basele ba ditjhaba tsa lefatshe lena; leha ho le jwalo, tshepo e sa le teng bakeng sa Iseraele hodima taba eo.

Ver Capítulo Copiar




Esdrase 10:2
17 Referencias Cruzadas  

Hara bara ba Elame e ne e le Mataneya, le Sekariya, le Jehiele, le Abade, le Jeremote, le Elia.


ba tswang Elame e nngwe e le sekete le makgolo a mabedi le mashome a mahlano a metso e mene;


ba lelapa la Elame e le sekete le makgolo a mabedi le mashome a mahlano a metso e mene;


Ho ba lelapa la Elame ke Jeshaya wa Ateleya, ya neng a ena le ba batona ba mashome a supileng.


Ha dintho tsena di se di phethilwe, baetapele ba tla ho nna, ba re: “Setjhaba sa Iseraele, le baprista, le Balevi ha ba ya ikgetholla ho baahi ba dinaha tsena; ba etsa manyala a etswang ke Bakanana, le Bahete, le Baperise, le Bajebuse, le Baamone, le Bamoabe, le Baegepeta, le Baamore.


Ba nyallane le ditjhaba tseo; kahoo setjhaba sena se halalelang se kopantse madi a sona le madi a baditjhaba. Ba ka sehloohong ketsong ena ya bohlabaphiyo ke baetapele le babusi ba setjhaba.”


Jwale le re re le dumelle le etse bokgopo bo bokaalekaale, le sitelwe Modimo wa rona, ka ho nyala basadi ba baditjhaba?”


Sadoke, mora wa Imere, a latela baprista, a tsosa lerako le tobaneng le ntlo ya hae. Shemaya, mora wa Shekaniya, molebedi wa Monyako o ka Botjhabela, a latela Sadoke, a tsosa lerako.


ba lelapa la Elame e le sekete le makgolo a mabedi, le mashome a mahlano a metso e mene;


ba tswang Elame e nngwe e le sekete le makgolo a mabedi le mashome a mahlano a metso e mene;


Hlokomela, o se ke wa etsa selekane la baahi ba naha eo o yang ho yona, esere selekane seo ya eba leraba hara lona.


Ya patang dibe tsa hae a ke ke a ba le katleho; ya ipolelang tsona, a di bakela, o tla fumana mohau.


Empa ha le ena le leeme, le etsa sebe, mme molao o a le ahlola hobane le o tlotse.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos