Empa Jehu a se ke a tsotella ho tsamaya ka molao wa Morena Modimo wa Iseraele, ka pelo ya hae yohle, hobane ha a a ka a tlohela dibe tsa Jeroboame, ya neng a etse hore Baiseraele ba etse sebe.
Nehemia 10:29 - BIBELE ba ikopanya le bana babo bona, le mahosana a bona, ba hlapanya hore, haeba ba ke ke ba latela Molao wa Modimo, oo ba o neilweng ke Moshe, mohlanka wa Modimo, ba rohakehe. Ba hlapanya le hore ba tla boloka, mme ba phethe melao yohle ya Morena Modimo wa bona, le dikahlolo tsa hae, le ditaelo tsa hae. Sesotho 1909/1961 (SO) ba ikopanya le banababo bona, mahosana, mme ba kena le bona hlapanyong le kanong, ba re, ba tla tsamaya molaong wa Modimo oo ba o neilweng ka Moshe, mohlanka wa Modimo, mme ba tla boloka ditaelo tsohle tsa Jehova, Morena wa rona, le dikahlolo tsa hae, le melao ya hae, mme ba tla ya ka tsona; |
Empa Jehu a se ke a tsotella ho tsamaya ka molao wa Morena Modimo wa Iseraele, ka pelo ya hae yohle, hobane ha a a ka a tlohela dibe tsa Jeroboame, ya neng a etse hore Baiseraele ba etse sebe.
Kgosi ya ema pela tshiya, ya ntjhafatsa selekane kapele ho Morena, e leng sa ho latela Morena, le ho boloka ditaelo tsa hae, le ditemoso tsa hae, le melao ya hae, ka pelo ya yona yohle, le ka moya wa yona wohle, le ho phethisa mantswe a ngotsweng bukeng ena. Batho bohle ba itlama ka selekane seo.
Ba pele ba ileng ba kgutla ho ya aha naheng ya bona le metseng ya bona e bile Baiseraele, le baprista, le Balevi, le bahlanka ba sebeletsang ka Tempeleng.
Kgosi ya ema ditulong tsa yona, ya etsa selekane kapele ho Morena, ya re e tla latela Morena, e boloke ditaelo tsa hae, le ditemoso tsa hae, le melao ya hae, ka pelo ya yona yohle, le ka moya wa yona wohle, ho phethisa mantswe a selekane, a ngotsweng bukeng ena.
“Jwale wena Morena Modimo wa Iseraele, ako boloke tshepiso eo o neng o e etsetse mohlanka wa hao Davida, ntate, wa re: ‘O ke ke wa hloka mohlahlami ya tla dula teroneng ya Iseraele, ha feela bara ba hao ba ka hlokomela metsamao ya bona, ba latela melao ya ka jwalokaha o ile wa etsa.’
Ka ba kgalemela, ka ba nea thohako, ka ba ka otla ba bang ba bona, ka ba hlotha moriri. Ka re ba hlapanye ka lebitso la Modimo, ba re: “Re ke ke ra nyallana le baditjhaba.
Ka letsatsi la pele la kgwedi ya bosupa, moprista Esera a tlisa Molao kapele ho setjhaba sa banna, le basadi, le bohle ba nang le kutlwisiso.
A o balla banna, le basadi, le batho ba nang le kutlwisiso; a o bala ho tloha hoseng ho fihlela motsheare o moholo, a le lebaleng le pela Monyako wa Metsi. Setjhaba sohle sa mamela ka hloko tse balwang Bukeng ya Molao.
Bao e leng ditloholo tsa Iseraele ba ikgetholla ho baditjhaba bohle; ba ema, ba ipolela dibe tsa bona, le dibe tsa bo-ntata bona.
“Ka baka la tsena tsohle, re etsa selekane sa nnete, re bile re a se ngola, mme mahosana a rona, le Balevi, le baprista, ba se tiisa ka ho ngola mabitso a bona.”
hore ba tle ba boloke ditaelo, ba boloke taelo tsa hae, ba hlomphe melao ya hae. Haleluja!
Ke ikanne, ke eme ke tiile: Ke tla ya ka kahlolo tsa hao, kahlolo tsa hao tse lokileng.
nonyana tse sepakapakeng, le ditlhapi ka lewatleng, le tsohle tse tsamayang ka lewatleng.
Morena o tla hauhela Jakobo, a boele a ikgethele Baiseraele, a ba ahise naheng ya bona; baditjhaba ba tla aha le bona, ba kgomarele ntlo ya Jakobo.
O ba bolelle, o re: ‘Morena o bua tjena: Haeba le sa mmamele, le sa latele melao ya ka eo ke le beetseng yona;
Lona le ile la sokoloha, la etsa ho lokileng mahlong a ka ha motho ka mong a ne a phatlalletsa mohahabo tokoloho. Hape le ne le entse selekane moo ke leng teng, kahare ho Tempele e bitswang ka lebitso la ka.
Ke tla le nea Moya wa ka, ke etse hore le tsamaye ho ya ka ditaelo tsa ka, le boloke melao ya ka, le e phethe.
“ ‘Le tla halalela le be batho ba ka, hobane nna, Morena, ke a halalela. Ke le kgaohantse le baditjhaba, hore le tle le be ba ka.
“Hopolong molao wa mohlanka wa ka Moshe, le ditaelo le ditemoso tseo ke neng ke mo nee tsona ha ba le Horebe, ho di tsebisa Baiseraele bohle.
moprista o tla hlapantsha mosadi eo ka kano ya thohako, mme a re ho mosadi eo: “Morena a ke a o etse mohlala wa thohako hara setjhaba sa heno, ka hore mpa ya hao e hohomohe, o senyehelwe.
Na Moshe ha a a ka a le nea Molao? Empa ha ho le ya mong ya phethang Molao oo. Ke ka baka lang ha le batla ho mpolaya?”
Ha a fihla, mme a bona mohau wa Modimo, a thaba, a kgothaletsa bohle hore ba kgomarele Morena ka pelo tse tiileng,
Empa banna ba bang ba mo kgomarela, ba dumela. Hara bona ho ne ho ena le Dionisiose, setho sa lekgotla la Areopagose, le mosadi ya bitswang Damarise, ba ena le ba bang.
Empa o se ke wa ba mamela, hobane banna ba fetang mashome a mane ba bona ba mo laletse, kaha ba ikanne hore ba ke ke ba eja, leha e le ho nwa, ba eso mmolaye. Jwale ba itokisitse, ba se ba emetse qeto ya hao feela.”
Moshe a bitsa Baiseraele bohle, mme a re ho bona: “Lona Baiseraele, mamelang melao le ditaelo tseo ke le bolellang tsona kajeno, e le hore le tle le ithute tsona, le hore le tle le hlokomele ho di phetha.
“Ka baka leo, hlokomelang ho etsa jwalokaha Morena a le laetse. Le se ke la kgelohela ka letsohong le letona kapa ka ho le letshehadi.