Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 10:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)

29 ba ikopanya le banababo bona, mahosana, mme ba kena le bona hlapanyong le kanong, ba re, ba tla tsamaya molaong wa Modimo oo ba o neilweng ka Moshe, mohlanka wa Modimo, mme ba tla boloka ditaelo tsohle tsa Jehova, Morena wa rona, le dikahlolo tsa hae, le melao ya hae, mme ba tla ya ka tsona;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

29 ba ikopanya le bana babo bona, le mahosana a bona, ba hlapanya hore, haeba ba ke ke ba latela Molao wa Modimo, oo ba o neilweng ke Moshe, mohlanka wa Modimo, ba rohakehe. Ba hlapanya le hore ba tla boloka, mme ba phethe melao yohle ya Morena Modimo wa bona, le dikahlolo tsa hae, le ditaelo tsa hae.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 10:29
38 Referencias Cruzadas  

Empa Jehu ha a ka a tiisa ho tsamaya molaong wa Jehova, Modimo wa Iseraele, ka pelo ya hae yohle, a se ke a kgeloha dibe tseo Jeroboame a sebisitseng Iseraele ka tsona.


Yena morena a ema pela tshiya, a hlaba selekane pela Jehova, sa ho latela Jehova, le sa ho boloka ditaelo tsa hae, le dikahlolo tsa hae, le melao ya hae, ka pelo yohle le ka moya wohle, le sa ho etsa le ka taba tsa selekane tse ngodilweng bukeng eo. Le sona setjhaba sohle sa emela selekane seo.


Haele ba kileng ba aha ha bona pele, metseng ya bona, e ne e le Baiseraele, le baprista, le Balevi le Banethinime.


morena a ema tulong tsa hae, a hlaba selekane pela Jehova, sa ho latela Jehova le sa ho boloka ditaelo tsa hae, le ditemoso tsa hae, le dikomelo tsa hae, ka pelo yohle ya hae le ka moya wohle wa hae, sa ho re, o tla etsa ka dipolelo tsa selekane tse ngodilweng bukeng ena.


Jwale, Jehova, Modimo wa Iseraele, o tiisetse ntate Davida, mohlanka wa hao, seo o mmaletseng sona, wa re ho yena: Ekare ha bana ba hao ba itebela metsamaong ya bona ho tsamaya molaong wa ka, jwalokaha o tsamaile pela ka, ha o ka ke wa hloka motho ya dulang teroneng ya Iseraele pela ka.


Yaba ke a ba kgalemela, ka ba rohaka, ka ba ka otla ba bang, ka ba hlotha meriri; mme ka ba hlapantsha ka Modimo, ka re: Se neeng baradi ba lona ho bara ba bona, mme le se nkele bara ba lona baradi ba bona; le lona le se ke la inkela bona!


Haele Banethinime, ya eba bana ba Tsika, bana ba Hasufa, bana ba Tabbaothe,


Ka tsatsi le qalang kgwedi ya bosupa, Esdrase, moprista, a tlisa molao pela phutheho ya banna le basadi le bohle ba ka bang le kelello ya ho utlwisisa;


a bala teng lepatlelong le pela monyako wa Metsi, a qala e sa le ka meso, ya ba ya eba motshehare, pontsheng ya banna le basadi le ya ba seng ba ena le kelello ya basadi le ya ba seng ba ena le kelello ya ho utlwisisa; mme setjhaba kaofela sa nna sa sekehela buka ya molao ditsebe.


Ba mofuta wa Iseraele ba ikgetha ho bana bohle ba baditjhaba, mme ba itlhahisa pela Modimo, ba ipolela dibe tsa bona, le makgopo a bontata bona.


Taba ha di le jwalo, ra etsa tumellano, ra e ngola, mme ya tiiswa ka tiiso ya dihlooho tsa rona, le ya Balevi ba rona, le ya baprista ba rona.


ba tle ba boloke ditaelo tsa hae, mme ba ye ka melao ya hae. Bokang Jehova!


Ke hlapantse, mme ke tla tiisa, ke itse, ke tla ya ka dikahlolo tse lokileng tsa hao.


Jehova, Morena wa rona, lebitso la hao le bokgabane hakakang lefatsheng lohle, wena ya beileng kganya ya hao mahodimong!


Jehova, Morena wa rona, lebitso la hao le bokgabane hakakang lefatsheng lohle!


Hobane Jehova o tla hauhela Jakobo, o sa tla be a ikgethele Iseraele, a ba ahise lefatsheng la bona; baditjhaba ba tla kopana le bona, ba kgomarele ntlo ya Jakobo.


O ba bolelle, o re: Ho itswe ke Jehova: Ekare ha le sa nkutlwe, ka ho tsamaya melaong eo ke e beileng pela lona,


Lona, kajeno lena le ne le bakile, le ne le entse ho lokileng pontsheng ya ka, ka ho bolela tokollo e mong le e mong ho ngwanabo, le ne le entse selekane pela ka, ka tlung eo lebitso la ka le bitswang hodima yona.


Ke tla bea moya wa ka hare ho lona, mme ke tla le tsamaisa dikomelong tsa ka, ke etse hore le boloke ditaelo tsa ka, hore le di phethe.


Kgethehelang nna, hobane ke kgethehile, nna, Jehova, mme ke le kgaohantse le ditjhaba, le tle le be ba ka.


Hopolang molao wa Moshe, mohlanka wa ka, oo ke o laeletseng Baiseraele bohle ka yena, Horebe, e leng molao le ditaelo.


Mona moprista o tla hlapantsha mosadi ka kano ya thohako, mme o tla re ho mosadi: Jehova a o neele thohakong le hlapaolong hara setjhaba sa heno, a omeletse letheka la hao, a kokomose mpa ya hao;


Hobane molao o neilwe ka Moshe, mohau le nnete di hlahisitswe ka Jesu Kreste.


Lona le tla ba metswalle ya ka, ha le etsa tsohle tseo ke le laelang tsona.


Ha ke re, Moshe o le neile molao na? Leha ho le jwalo, ha ho e mong wa lona ya phethang molao. Le batlelang ho mpolaya?


Eitse ha a fihla, mme a bona mohau wa Modimo, a thaba, mme a ba kgothatsa kaofela ho tiisetsa ho Morena ka pelo e pheheletseng.


Empa banna ba bang ba mo kgomarela, ba dumela; hara bona ho ne ho le le Denise wa Areopago, le mosadi e mong ya bitswang Damarise, ba ena le ba bang.


Empa wena, o se ke wa ba dumela; hobane banna ba fetang mashome a mane ba mo laletse, ba ikanne ka ho hlapanya hore ba ke ke ba eja, leha e le ho nwa, ba eso ho mmolaye; le jwale, ba se ba itokisitse, ba lebeletse karabo ya hao feela.


Lerato a le ke le hloke boikaketso. Hloyang ho hobe, le kgomarele ho molemo.


Moshe o re laetse molao, e leng lefa la phutheho ya Jakobo.


Moshe a bitsa Baiseraele bohle, a re ho bona: Baiseraele, mamelang melao le ditaelo tseo ke le bolellang tsona kajeno, tsebeng tsa lona, le tle le ithute tsona, le di boloke, mme le di etse.


Itiiseng ke hona, le etse jwalokaha Jehova, Modimo wa lona, a le laetse. Le se ke la fapohela letsohong le letona, leha e le ho le letshehadi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos