Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 10:28 - Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Ba bang ba setjhaba, baprista, le Balevi, le balebedi ba menyako, le dibini, le Banethinime, le bohle ba neng ba ikgethile ho ditjhaba tse ahileng mafatsheng a bapileng hore ba kgomarele molao wa Modimo, ba ena le basadi ba bona, le bara ba bona, le baradi ba bona, e leng bohle ba nang le tsebo le kelello,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

28 Setjhaba sohle, le baprista, le Balevi, le balebedi ba menyako, le dibini, le basebeletsi ba Tempele, bohle bao ka baka la Molao wa Modimo ba ileng ba ikgetholla ho baahi ba dinaha tseo, le basadi ba bona, le bara ba bona, le baradi ba bona, e leng bohle ba nang le kutlwisiso,

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 10:28
16 Referencias Cruzadas  

Jwale, ke ha baprista, le Balevi, le bao e leng batho feela, le dibini, le balebedi ba menyako, le Banethinime, ba aha metseng ya bona; le Baiseraele bohle ba aha metseng ya bona.


Bana ba Iseraele ba kgutlileng kgolehong ba eja, ba ena le bohle ba hlobohaneng le ditshila tsa ditjhaba tsa lefatshe ho tla ikopanya le bona ho batla Jehova, Modimo wa Iseraele.


Malluke, Harime, le Baana.


Eitse hobane ba utlwe molao, ba kgetha baditjhaba kaofela Iseraeleng.


Ka tsatsi le qalang kgwedi ya bosupa, Esdrase, moprista, a tlisa molao pela phutheho ya banna le basadi le bohle ba ka bang le kelello ya ho utlwisisa;


Ba mofuta wa Iseraele ba ikgetha ho bana bohle ba baditjhaba, mme ba itlhahisa pela Modimo, ba ipolela dibe tsa bona, le makgopo a bontata bona.


Hobane Modimo ke Morena wa lefatshe lohle: o roriseng ka sefela se seholo!


O se ke wa potlakisa molomo wa hao, pelo ya hao e se ke ya akofa ho bua taba pela Modimo; hobane Modimo o mahodimong, athe wena, o lefatsheng; ha ho le jwalo, mantswe a hao a be a se makae;


Ha o ana ka nnete, ka sebele le ka ho loka, o re: Ka Jehova ya phelang! ditjhaba di tla hlohonolofalla ho yena, di ithorisetse ho yena.


Ke le boleletse, ka re: Ke lona le tlang ho rua naha ya tsona, mme ke tla le fa yona, e be ya lona; ke naha e kollang lebese le dinotshi. Ke nna Jehova, Modimo wa lona, ya le kgaohantseng le ditjhaba.


Ke le Pauluse, mohlanka wa Jesu Kreste, ya bitsitsweng ho ba moapostola, ya kgethetsweng Evangeli ya Modimo,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos