Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 5:21 - BIBELE

21 moprista o tla hlapantsha mosadi eo ka kano ya thohako, mme a re ho mosadi eo: “Morena a ke a o etse mohlala wa thohako hara setjhaba sa heno, ka hore mpa ya hao e hohomohe, o senyehelwe.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Mona moprista o tla hlapantsha mosadi ka kano ya thohako, mme o tla re ho mosadi: Jehova a o neele thohakong le hlapaolong hara setjhaba sa heno, a omeletse letheka la hao, a kokomose mpa ya hao;

Ver Capítulo Copiar




Numere 5:21
9 Referencias Cruzadas  

Wena o tla tshwarwa ke lefu le bohloko la letshollo, ho fihlela mala a hao a horometseha, ka baka la ho tsholla ka letsatsi le leng le le leng.’ ”


ba ikopanya le bana babo bona, le mahosana a bona, ba hlapanya hore, haeba ba ke ke ba latela Molao wa Modimo, oo ba o neilweng ke Moshe, mohlanka wa Modimo, ba rohakehe. Ba hlapanya le hore ba tla boloka, mme ba phethe melao yohle ya Morena Modimo wa bona, le dikahlolo tsa hae, le ditaelo tsa hae.


Ho hopolwa ha mofu ya lokileng ho lehlohonolo, empa bitso la ya kgopo le ke ke la hopolwa.


Le tla siela bakgethwa ba ka bitso la lona, bona ba tla le sebedisa ha ba etsa thohako; lona, Morena Modimo o tla le bolaya, bahlanka ba hae a ba bitse ka lebitso lesele.


Bathopuwa bohle ba tswang naheng ya Juda, ba isitsweng Babilona, ha ba rohaka motho, ba tla re: Morena a ke a le etse seo a neng a se etse Sedekiya le Akabe, bao kgosi ya Babilona e neng e ba tjhese ka molla,


Ha a se a mo nwesitse metsi ao, mme eba o silafetse, o sitetswe monna wa hae, metsi ao a tlisang thohako a tla kena ka maleng a hae, a mo lomise mala, ebe mpa ya hae e a hohomoha, o fetoha nyopa. Mosadi eo e tla ba mohlala wa motho ya rohakilweng hara setjhaba sa habo.


Ya eba moo a qalang ho rohakana le ho hlapanya, a re: “Motho eo ha ke mo tsebe!” Hanghang mokoko wa lla.


Mohlang oo, Joshua a nea Jeriko thohako ena, a re: “Morena a rohake motho, motho ya tla ema, a tsose marako a motse ona wa Jeriko; ka lefu la mora hae wa matsibolo a etse motheo wa wona, ka lefu la mora hae wa lethopo a hahe menyako ya wona.”


Ka letsatsi leo, banna ba Baiseraele ba ne ba lapile, empa Saule a hlapantsha setjhaba, a re: “Ho rohakehe monna ya tla ja dijo kajeno, pele ho phirima, mme ke eso iphetetse ho dira tsa ka.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos