Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 5:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Mona moprista o tla hlapantsha mosadi ka kano ya thohako, mme o tla re ho mosadi: Jehova a o neele thohakong le hlapaolong hara setjhaba sa heno, a omeletse letheka la hao, a kokomose mpa ya hao;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 moprista o tla hlapantsha mosadi eo ka kano ya thohako, mme a re ho mosadi eo: “Morena a ke a o etse mohlala wa thohako hara setjhaba sa heno, ka hore mpa ya hao e hohomohe, o senyehelwe.

Ver Capítulo Copiar




Numere 5:21
9 Referencias Cruzadas  

haele wena, o tla ba malwetseng a maholo ka ho jewa ke mala ka matsatsi le matsatsi, ho fihlela mala a hao a ba a tswela ntle ke ho befa ha bohloko.


ba ikopanya le banababo bona, mahosana, mme ba kena le bona hlapanyong le kanong, ba re, ba tla tsamaya molaong wa Modimo oo ba o neilweng ka Moshe, mohlanka wa Modimo, mme ba tla boloka ditaelo tsohle tsa Jehova, Morena wa rona, le dikahlolo tsa hae, le melao ya hae, mme ba tla ya ka tsona;


Ho hopolwa ha mofu ya lokileng ke lehlohonolo, empa lebitso la e mobe le tla bola.


Le tla siela bakgethwa ba ka lebitso la lona e le thohako, mme Morena Jehova o tla le bolaya; haele bahlanka ba hae, o tla ba bitsa ka lebitso le leng,


Ho tla nkwa lentswe la thohako ho bona ke ba kgoleho kaofela ba Juda ba leng Babilona, ba tla re: Jehova a ke a o etse jwaloka Tsedekia le jwaloka Akabe, bao morena wa Babilona a ba tjhesitseng mollong.


Etlare hobane a mo nose metsi ao, ho tla etsahala hore, ha a fela a itshentse, mme a sitetswe monna wa hae, metsi a tlisang thohako a tla kena ho yena, a hlahise teng ho baba; mpa ya hae e tla kokomoha, letheka la hae le omelle, mme mosadi eo e tla ba thohako hara setjhaba sa habo.


Yaba o qala ho hlapanya, a ana, a re: Motho eo ha ke mo tsebe. Athe kapelepele mokoko wa lla.


Mohlang oo, Joshua a hlapanya, a re: Ho rohakwe pela Jehova motho ya tla tsosa le ho haha motse ona wa Jeriko; o tla o thea ka ho senyehelwa ke mora hae wa letsibolo, o tla tiisa dikgoro tsa wona ka ho senyehelwa ke mora hae wa ho fela.


Banna ba Iseraele ba ne ba kgathetse tsatsing leo; empa Saule a hlapantsha setjhaba, a re: Ho rohakwe motho ya jang dijo ho isa mantsiboya, ke be ke iphetetse ho dira tsa ka. Ka baka leo, setjhaba kaofela ha se a ka sa utlwa bohobe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos