Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 5:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 metsi ana a tlisang thohako a kene maleng a hao, a kokomose mpa ya hao, mme a omeletse letheka la hao. Mme mosadi o tla re: Amen! amen!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

22 Metsi ana a tlisang thohako a ke a kene ka maleng a hao, a hohomose mpa ya hao, o fetohe nyopa.” “ ‘Mosadi o tla re: “A ho be jwalo! A ho be jwalo!”

Ver Capítulo Copiar




Numere 5:22
16 Referencias Cruzadas  

O ne a ipopa ka thohako jwaloka hola ke kobo, ya monyella ka ho yena jwaloka metsi, le jwaloka ole masapong a hae.


Ho roriswe Jehova, Modimo wa Iseraele, ho tloha ho bo sa qaleng, ho isa ho bo sa feleng! Amen, e, amen!


Ho bokwe lebitso la hae le kganyang ka ho sa feleng; lefatshe lohle le ke le tlale kganya ya hae! Amen! e, amen!


Ho roriswe Jehova ka ho sa feleng! Amen, e, amen.


jwale, ba tla ja ditholwana tsa mekgwa ya bona, ba kgore merero ya bona.


Yaba o re ho nna: Mora motho, fepa mpa ya hao, o tlatse mala a hao ka buka eo e phuthilweng, eo ke o neang yona. Yaba ke a e ja, mme molomong wa ka ya hlabosa jwaloka dinotshi.


Moprista o tla ngola bukeng e nngwe dithohako tseo, a ntoo di hlakola ka metsi a babang;


Etlare hobane a mo nose metsi ao, ho tla etsahala hore, ha a fela a itshentse, mme a sitetswe monna wa hae, metsi a tlisang thohako a tla kena ho yena, a hlahise teng ho baba; mpa ya hae e tla kokomoha, letheka la hae le omelle, mme mosadi eo e tla ba thohako hara setjhaba sa habo.


Kannetenete ke re ho wena: Re bolela seo re se tsebang, mme re paka seo re se boneng; empa ha le amohele bopaki ba rona.


Jesu a araba, a re ho yena: Kannetenete ke re ho wena: Motho ha a sa tswalwe la bobedi, o sitwa ho bona mmuso wa Modimo.


Jesu a re ho bona: Kannetenete ke re ho lona: Ekare ha le sa je nama ya Mora motho, le sa nwe madi a hae, le ke ke la ba le bophelo ka ho lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos