mohlape wa hao wa fumana bodulo teng, boo ka mohau wa hao o bo lokisitseng, wa bo lokisetsa bahlophehi.
Mattheu 9:38 - BIBELE ka baka leo, rapelang monga kotulo hore a romele basebetsi kotulong ya hae.” Sesotho 1909/1961 (SO) Rapelang ke hona Morena wa kotulo, hore a romele basebetsi kotulong ya hae. Baasraak Sotho NT Ka hona rapelang Morena wa kotulo hore a romele basebetsi kotulong ya hae. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ka hona rapelang Morena wa kotulo hore a romele basebetsi kotulong ya hae. |
mohlape wa hao wa fumana bodulo teng, boo ka mohau wa hao o bo lokisitseng, wa bo lokisetsa bahlophehi.
Kariki tsa Modimo tsa ntwa ke kete tsa dikete, ka tsona Morena o tlile Sehalalelong, o tlile Sehalalelong sa hae a etswa Sinai.
Masalla a Jakobo a tla ba teng, a be teng hara ditjhaba tse ngata, a be jwaloka phoka e tswang ho Morena, a be jwaloka medupe e kolobisang jwang, medupe e sa ke be e laelwe ke motho, kapa e emele ho phetha thato ya motho.
Jesu a re ho bona hape: “Kgotso e be le lona; jwalokaha Ntate a nthomile, le nna ke a le roma.”
Ha ke re le ye le re: ‘Kgwedi di sa le nne, mme e nto ba kotulo?’ Bonang, ke a le bolella, phahamisang mahlo, le bone hore masimo a sweufaletse kotulo.
Ha ba ntse ba phetha tshebeletso ya Morena Jesu, mme ba itima dijo, Moya o Halalelang wa re: “Nkgetheleng Baranabase le Saule bakeng sa mosebetsi oo ke ba bitseditseng wona.”
Ha e le ba qhalantsweng, ba ya kahohle ba ntse ba bolela molaetsa o molemo wa lentswe la Modimo.
Bao Modimo a ba beileng kerekeng ke bana: ba pele ke baapostola, ba bobedi ke baporofeta, ba boraro ke baruti; ho nto latela ba etsang mehlolo, le ba dineo tsa ho fodisa kapa ho thusa ba bang, kapa ho busa, kapa ho bua ka maleme asele.
Ke yena ya ileng “a nea” ba bang ho ba baapostola, ba bang baporofeta, ba bang baboledi ba molaetsa o molemo, ba bang badisa, ba bang baruti,
Bana beso, re qetella ka ho re le re rapelle, e le hore lentswe la Morena le nne le anafale, le tlotliswe, jwalokaha le se le tlotlisitswe ho lona.