Hoba Jesu a bitse barutuwa ba hae ba leshome le metso e mmedi, a ba nea matla a ho leleka meya e ditshila, le a ho fodisa mafu le malwetse wohle.
Mattheu 9:35 - BIBELE Jesu o ne a eya le metse le metsana yohle, a ntse a ruta matlung a bona a thapelo, a phatlalatsa molaetsa o molemo wa Mmuso, a fodisa mafu le malwetse wohle. Sesotho 1909/1961 (SO) Jesu a tsamaya, a tjhalakela metse yohle le metsana, a ruta masinagogeng a teng, a bolela Evangeli ya mmuso, a fodisa malwetse wohle le mefokolo yohle. Baasraak Sotho NT Jesu a ya le metse le metsana yohle, a ntse a ruta masinagogeng a bona, a bolela Evangeli ya mmuso, a fodisa malwetse wohle le mefokolo yohle hara batho. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jesu a ya le metse le metsana yohle, a ntse a ruta masinagogeng a bona, a bolela Evangeli ya mmuso, a fodisa malwetse wohle le mefokolo yohle hara batho. |
Hoba Jesu a bitse barutuwa ba hae ba leshome le metso e mmedi, a ba nea matla a ho leleka meya e ditshila, le a ho fodisa mafu le malwetse wohle.
Yare ha Jesu a qetile ho laela barutuwa ba hae ba leshome le metso e mmedi, a tloha moo ho ya ruta le ho phatlalatsa molaetsa o molemo metseng ya habo bona.
Difofu di a bona, diritsa di a tsamaya, balepera ba a hlwekiswa, botsebetutu ba a utlwa, bafu ba a tsoha, mme mafutsana a bolellwa molaetsa o molemo.
Yare hoba Johanne a tshwarwe, Jesu a fihla Galelea, a phatlalatsa molaetsa o molemo wa Modimo,
Kae le kae moo a neng a kena metseng le metsaneng le hohle, ba bea bakudi mabaleng a metse, ba mo rapela hore a ba dumelle ho ama leha e le qola ya seaparo sa hae feela, mme bohle ba mo amileng ba fola.
kamoo Modimo a neng a tlotse Jesu wa Nasaretha kateng, ka Moya o Halalelang le ka matla. Jesu a tsamaya hohle a ntse a etsa tse molemo, a fodisa ba neng ba hateletswe ke Diabolosi, hobane Modimo o ne a ena le yena.
“Lona banna ba Iseraele, utlwang mantswe ana: Jwalokaha le lona le tseba, Jesu wa Nasaretha e ne e le monna ya neng a pakwe ke Modimo ho lona, ka diketso tse matla, le ka dimakatso le ka mehlolo eo Modimo a e entseng ka yena hara lona.