Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mareka 6:6 - BIBELE

6 A makalla ho se dumele ha batho ba teng. A potoloha le metsana a ntse a ruta.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Mme a makala ke ho se dumele ha bona. A ntoo tjhalaka le metsana e kathoko, a ntse a ruta.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

6 Mme a hlollwa ke ho se dumele ha bona. A ya le metse le metsana, a ruta.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Mme a hlollwa ke ho se dumele ha bona. A ya le metse le metsana, a ruta.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 6:6
12 Referencias Cruzadas  

Morena a bona hore ha ho na motho, a makala ha a bona ho se ya kenang dipakeng; ka matla a hae a hlola dira tsa hae, ho loka ha hae ha mo tshehetsa.


Na tjhaba se teng se kileng sa fetola medimo ya sona, le hoja medimo eo e ne le ya bohata? Empa tjhaba sa ka se anantse nna, nna Tlotla ya sona, sa nkananya ka medimo e se na thuso.


Jesu a tsamaya le Galelea yohle, a ntse a ruta matlung a thapelo a teng, a phatlalatsa molaetsa o molemo wa Mmuso, a fodisa mafu le malwetse wohle setjhabeng.


Ha Jesu a mo utlwa a makala, a re ho ba mo latetseng: “Ruri ke a le bolella, ha ke eso fumane tumelo e kaalo le Iseraeleng.


Jesu o ne a eya le metse le metsana yohle, a ntse a ruta matlung a bona a thapelo, a phatlalatsa molaetsa o molemo wa Mmuso, a fodisa mafu le malwetse wohle.


A potoloha le Galelea yohle, a ntse a ruta matlung a bona a thapelo, a leleka bademona.


Jesu a tloha moo, a ya naheng ya Judea le mose ho Jorodane; matshwele a mmokanela hape, mme a a ruta hape, jwalokaha a ne a tlwaetse.


Jesu a ya le metse le metsana, a ruta, a le leetong la ho ya Jerusalema.


A theohela Kaperenauma, e leng motse wa Galelea. A ruta e le ka Disabatha,


O ne a ruta ka matlung a thapelo a Judea.


Motho eo a ba araba, a re: “Ke taba e makatsang ha le sa tsebe hore na o tswa kae, empa a ntutubolotse mahlo.


kamoo Modimo a neng a tlotse Jesu wa Nasaretha kateng, ka Moya o Halalelang le ka matla. Jesu a tsamaya hohle a ntse a etsa tse molemo, a fodisa ba neng ba hateletswe ke Diabolosi, hobane Modimo o ne a ena le yena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos