Ba mo kopa hore a ba dumelle ho ama feela qola ya seaparo sa hae mme bohle ba e amileng ba fola.
Mattheu 9:20 - BIBELE Yaba mosadi, eo e neng e se e le dilemo tse leshome le metso e mmedi lehatlelo la hae le sa kgaotse, o hlaha Jesu kamorao, o ama qola ya seaparo sa hae, Sesotho 1909/1961 (SO) Jwale, mosadi ya neng a ntse a kgathatswa ke phallo ya madi, dilemo di se di le leshome le metso e mmedi, a mo hlaha kamorao, a ama qola ya kobo ya hae. Baasraak Sotho NT Mme, bonang, mosadi ya neng a tshwerwe ke phallo ya madi ka dilemo tse leshome le metso e mmedi, a tla kamora hae, a ama qola ya seaparo sa hae. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mme, bonang, mosadi ya neng a tshwerwe ke phallo ya madi ka dilemo tse leshome le metso e mmedi, a tla kamora hae, a ama qola ya seaparo sa hae. |
Ba mo kopa hore a ba dumelle ho ama feela qola ya seaparo sa hae mme bohle ba e amileng ba fola.
“Diketso tsa bona tsohle ba di etsa hore ba bonwe ke batho. Ba habolla mekotlana ya Mangolo a halalelang eo ba e rwetseng, ba lelefatsa ditjellane tsa dikobo tsa bona,
Kae le kae moo a neng a kena metseng le metsaneng le hohle, ba bea bakudi mabaleng a metse, ba mo rapela hore a ba dumelle ho ama leha e le qola ya seaparo sa hae feela, mme bohle ba mo amileng ba fola.
hoo ha dituku kapa diforesekoto tse amileng mmele wa hae di ne di bewa hodima bakudi, malwetse a ne a ye a fole, le meya e mebe e tswe ho bona.
Batho ba ne ba tlisa bakudi ditseleng, ba ba beile dibetheng, le diphateng, e le hore ha Petrose a feta, seriti sa hae bonyane se mpe se sire ba bang ba bona.
“O iketsetse ditjellane diqoleng tse nne tsa seaparo sa hao, seo o itshophang ka sona.”