Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Mareka 8:22 - BIBELE

22 Ba fihla Bethesaida. Batho ba tlisa sefofu ho Jesu, mme ba mo rapela hore a se ame.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Ba ntoo fihla Bethsaida. Jwale, ba bang ba mo tlisetsa sefofu, ba mo rapela hore a se ame.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

22 Yaba o fihla Bethsaida; mme ba tlisa sefofu ho yena, ba mo kopa hore a se ame.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

22 Yaba o fihla Bethsaida; mme ba tlisa sefofu ho yena, ba mo kopa hore a se ame.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 8:22
14 Referencias Cruzadas  

A re: “O madimabe, wena Korasine! O madimabe, wena Bethesaida! hobane hoja diketso tse hlollang tse entsweng kahara lona di ne di entswe Tire le Sidone, batho ba teng ba ka be ba bakile kgale, ba apere tse mahwashe, ba itshetse ka molora.


Ba mo kopa hore a ba dumelle ho ama feela qola ya seaparo sa hae mme bohle ba e amileng ba fola.


Jesu a mo ama letsohong, mme feberu ya mo tlohela; a tsoha, a sebeletsa Jesu.


Jesu a otlolla letsoho, a mo ama, a re: “Ke a rata, hlweka!” Hanghang lepera la hae la hlwekiswa, a fola.


Yaba o ama mahlo a tsona, o re: “Le etsetswe ho ya ka tumelo ya lona!”


Ba mo tlisetsa motho ya shweleng ditho, a nkilwe ke banna ba bane,


hobane o ne a fodisitse ba bangata hoo bohle ba nang le mafu ba ileng ba mo kgobokanela hore ba mo ame.


Kapelepele Jesu a laela barutuwa ba hae ho kena ka sekepeng, ho mo etella pele ho ya mose Bethesaida, ha yena a ntse a qhala letshwele.


“O madimabe wena Korasine! O madimabe wena Bethesaida! hobane hoja diketso tse hlollang tse entsweng kahara lona di ne di entswe Tire le Sidone, batho ba teng ba ka be ba bakile kgale, ba apere tse mahwashe, ba dutse moloreng.


Ha baapostola ba kgutlile, ba phetela Jesu tsohle tseo ba di entseng. A ba nka, ba tloha ba le nnotshi, ba lebisa motseng o bitswang Bethesaida.


Filipi e ne e le wa Bethesaida, e leng motse wa habo Andrease le Petrose.


Ba tla ho Filipi wa Bethesaida e Galelea, ba kopa, ba re: “Monghadi, re rata ho bona Jesu.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos