Ke kopa hore morena ka a etelle mohlanka wa hae pele, mme nna ke tla tsamaya butle, ke iketlile, ho latela mokgwa oo dikgomo tseo ke di qhobang di tsamayang ka wona, le ho latela mokgwa oo bana ba tsamayang ka wona, ho fihlela ke fihla Seire, ho morena wa ka.”
Jesu a ba araba, a re: “Na baetsana ba ye ba hlomohe ka nako eo monyadi a ntseng a ena le bona? Ho tla tla matsatsi ao ka wona monyadi a tla tloswa ho bona, e be hona ba itimang dijo.
Hape ha ho motho ya ka tshelang veine e ntjha makukeng a kgale, esere mohlomong makuka a phatloha, veine ya qhaleha, le wona makuka a senyeha, empa o ye a tshele veine e ntjha makukeng a matjha, mme bobedi ba tsona di bolokehe.”
“Ha ho motho ya rokellang setsiba sa lesela le letjha seaparong sa kgale; esere setsiba se setjha sa nathola seaparo sa kgale, mme sa eketsa ho taboha.
A ba bolella le setswantsho, a re: “Ha ho ya tabolang setsiba seaparong se setjha, mme a se rokelle seaparong sa kgale, esere seaparo se setjha sa taboha, mme setsiba se setjha sa se ke sa dumellana le seaparo sa kgale.
Efela tshebetso ena ya ho thusa, hase feela e tla fokotsa bohloki ba badumedi, empa e tshwanetse ho ba mohlodi wa diteboho tse kgaphatsehang tse iswang ho Modimo.