Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 9:12 - BIBELE

12 Efela tshebetso ena ya ho thusa, hase feela e tla fokotsa bohloki ba badumedi, empa e tshwanetse ho ba mohlodi wa diteboho tse kgaphatsehang tse iswang ho Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Hobane tokiso ya tshebeletso eo ha e kgodise bohloki ba bahalaledi feela, empa hape e tla atisa diteboho tse ngata tse bewang ho Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

12 Hobane tshebeletso ya tshebeletso ena ha e fedise bohloki ba bahalaledi feela, empa e boetse e ata ka diteboho tse ngata ho Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 Hobane tshebeletso ya tshebeletso ena ha e fedise bohloki ba bahalaledi feela, empa e boetse e ata ka diteboho tse ngata ho Modimo.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 9:12
10 Referencias Cruzadas  

ha lona le ntse le re tlatsa ka dithapelo tsa lona. Ka mokgwa ona, kaha re tla be re fumane thuso ka ho rapellwa ke batho ba bangata, le teng re tla lebohelwa ho Modimo ke ba bangata.


Jwalokaha mahloko a Kreste a re aparetse, ka mokgwa o jwalo le wona matshediso a re ngatafaletse ka Kreste.


Di re qopheletse hore di dumellwe ho kenya letsoho thusong ya badumedi.


Tabeng ya dithuso tse etsetswang badumedi, ha ho hlokahale hore ke le ngolle letho.


Hape ke fumana ho lokela hore ke rome ngwanabo rona Epafaroditose, eo re thusaneng le yena mosebetsing le ntweng, eo le neng le mo laele ho tla ntshebeletsa ha ke ne ke hloka thuso.


Ha motho a ena le maruo a lefatshe lena, mme a bona ngwanabo a hloka, empa a mo thatafaletsa pelo ya hae, lerato la Modimo le ka ba teng jwang pelong ya hae?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos