Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 9:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Ha ho motho ya ka beang setsiba se setjha seaparong se tsofetseng, hobane setsiba se kenntsweng se ka hahola seaparo, sa eketsa taboho.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 “Ha ho motho ya rokellang setsiba sa lesela le letjha seaparong sa kgale, hobane setsiba se ka nathola seaparo, mme sa eketsa ho taboha.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

16 Ha ho motho ya beang setsiba sa lesela le letjha seaparong se tsofetseng;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

16 Ha ho motho ya beang setsiba sa lesela le letjha seaparong se tsofetseng;

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 9:16
11 Referencias Cruzadas  

Morenaka a ke a etelle mohlanka wa hae pele, mme nna ke tla qhobaqhoba butlenyane ka ho lekanya maoto a dintho tse pela ka, le maoto a bana, ke be ke finyelle Seire ho morenaka.


Hobane lere la bolotsana le ke ke la dula kabelong ya ba lokileng, esere mohlomong ba lokileng ba otlollela bokgopo matsoho a bona.


O tla alosa mohlape wa hae ka mokgwa wa modisa, o tla bokella dikonyana matsohong a hae, a di jare sefubeng sa hae; le tse anyesang, a di sotetse butle.


Jesu a re ho bona: Balekane ba monyadi na ba ka lla, monyadi ha a sa le ho bona na? Empa nako e a tla eo monyadi a tla tloswa ho bona, ke hona ba tla itima dijo.


Hape, batho ha ba tshele veine e ntjha makukeng a kgale; hobane makuka a ka phatloha, mme jwale veine ya tsholoha, makuka le wona a timela. Veine e ntjha e mpa e tshelwa makukeng a matjha, mme ntho tse pedi tseo di a bolokeha.


Ha ho motho ya rokellang setsiba se setjha seaparong se tsofetseng; ha ho ka etswa jwalo, setsiba se setjha se ka hahola ho tsofetseng, sa eketsa taboho.


Hape, a ba bolella setshwantsho, a re: Ha ho motho ya ka tabolang setsiba seaparong se setjha ho se rokella seaparong se tsofetseng; ha ho ka etswa jwalo, se setjha se ka hahola se tsofetseng; hape, setsiba se setjha se ke ke sa dumellana le ho tsofetseng.


Ke sa na le ditaba tse ngata tseo nka beng ke le bolella tsona; empa haele jwale, di ka le imela.


Mme jwale, tse tharo tsena di a sala: tumelo, le tebello, le lerato; empa e kgolo ho tsona ke lerato.


Hobane tokiso ya tshebeletso eo ha e kgodise bohloki ba bahalaledi feela, empa hape e tla atisa diteboho tse ngata tse bewang ho Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos