Mattheu 9:14 - BIBELE Jwale barutuwa ba Johanne ba tla ho Jesu, ba re: “Ke ka baka lang rona le Bafarisi re itimang dijo hangata, empa barutuwa ba hao ba sa itime?” Sesotho 1909/1961 (SO) Mohlang oo, barutuwa ba Johanne ba tla ho Jesu, ba re: Rona le bafarisi, re itimelang dijo hangata, athe barutuwa ba hao ha ba itime tsona? Baasraak Sotho NT Jwale barutuwa ba Johanne ba tla ho yena, ba re: “Ke ka baka lang rona le Bafarisi re itima dijo hangata, empa barutuwa ba hao ha ba itime dijo? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jwale barutuwa ba Johanne ba tla ho yena, ba re: “Ke ka baka lang rona le Bafarisi re itima dijo hangata, empa barutuwa ba hao ha ba itime dijo? |
“Ha le itima dijo, le se ke la itlhonamisa jwaloka baikaketsi; ba sosobanya difahleho, hore ba bonahale ho batho hore ba itima dijo. Kannete ke a le bolella, ba se ba amohetse moputso wa bona.
Jesu a ba araba, a re: “Na baetsana ba ye ba hlomohe ka nako eo monyadi a ntseng a ena le bona? Ho tla tla matsatsi ao ka wona monyadi a tla tloswa ho bona, e be hona ba itimang dijo.
Ha hlaha kgang pakeng tsa barutuwa ba Johanne le Mojuda e mong ka tsa moetlo wa tlhwekiso.
Jesu a tseba hore Bafarisi ba utlwile hore o a hapa, mme o kolobetsa barutuwa ba bangata ho feta Johanne.