Mattheu 6:16 - BIBELE16 “Ha le itima dijo, le se ke la itlhonamisa jwaloka baikaketsi; ba sosobanya difahleho, hore ba bonahale ho batho hore ba itima dijo. Kannete ke a le bolella, ba se ba amohetse moputso wa bona. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)16 Ha le itima dijo, le se ke la sosobanya difahleho tsa lona, jwaloka baikaketsi; ba itshenya tshobotsi, ba tle ba bonahale ho batho hobane ba itima dijo. Kannete ke a le bolella, ke re: Ba se ba nkile moputso wa bona. Ver CapítuloBaasraak Sotho NT16 Hape, ha le itima dijo, le se ke la sosobanya difahleho jwaloka baikaketsi; Kannete ke re ho lona: Ba se ba fumane moputso wa bona. Ver CapítuloContemporary Southern Sotho Bible 202416 Hape, ha le itima dijo, le se ke la sosobanya difahleho jwaloka baikaketsi; Kannete ke re ho lona: Ba se ba fumane moputso wa bona. Ver Capítulo |
“Tsamaya, o yo phutha Bajuda bohle ba teng mona Shushane. Ka matsatsi a mararo, bosiu le motsheare, le itime dijo ka baka la ka, le se ke la ba la ja letho, kapa la nwa letho. Le rona le makgabunyane a ka re tla itima dijo ka mokgwa o jwalo. Jwale ke hona ke tla ya ho kgosi, le hoja e tla be e se ka molao. Haeba ke eshwa, ke tla shwa.”