Ya kgopo ha a bona hoo, o a tlallana, o tsikitlanya meno, o a monyela; takatso ya ya kgopo e tla fela.
Mattheu 8:12 - BIBELE empa bao e leng ba Mmuso oo ka tswalo ba tla lahlelwa kantle, lefifing, moo ho tla ba teng dillo le ditsikitlano tsa meno.” Sesotho 1909/1961 (SO) Empa bara ba mmuso ba tla lahlelwa lefifing le kantle, moo dillo di tla ba teng le ditsikitlano tsa meno. Baasraak Sotho NT Empa bana ba mmuso ba tla lahlelwa lefifing le kantle; teng ho tla ba dillo le ditsikitlano tsa meno. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa bana ba mmuso ba tla lahlelwa lefifing le kantle; teng ho tla ba dillo le ditsikitlano tsa meno. |
Ya kgopo ha a bona hoo, o a tlallana, o tsikitlanya meno, o a monyela; takatso ya ya kgopo e tla fela.
Bahlanka ba ka ba tla bina, ba bine hobane pelo di nyakaletse; empa lona le tla lla, le lliswe ke pelo tse bohloko, le bokolliswe ke ho tubeha ha meya ya lona.
Tshimo ke lefatshe; peo e ntle ke bao e leng bana ba Mmuso wa Modimo, mofoka ke bana ba E Mobe.
“Ka baka leo, ke a le bolella, ke re, le tla amohuwa Mmuso wa Modimo, mme o tla newa setjhaba se behang ditholwana tsa wona.
mme o tla mo kgabelaka, a mmee hara baikaketsi, moo ho tla ba le dillo le ditsikitlano tsa meno.”
Mohlanka enwa ya se nang thuso, mo lahleleng kantle lefifing, moo ho tla ba le dillo le ditsikitlano tsa meno!’ ”
“Teng ho tla ba le seboko le ditsikitlano tsa meno, ha le bona Aborahama, le Isaka, le Jakobo, le baporofeta bohle Mmusong wa Modimo, empa lona le lahlelwa kantle.
Lona le bana ba baporofeta le majalefa a selekane seo Modimo a neng a se etse le bo-ntata rona, ha a re ho Aborahama: ‘Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla hlohonolofala ka ditloholo tsa hao.’
Ke Baiseraele, ke ba entsweng bana ba Modimo, ke ba neilweng tlotla, le dilekane, le Molao, le tshebeletso ya nnete ya Modimo, le ditshepiso.
Batho bao ba jwaloka didiba tse psheleng, ba jwaloka maru a fefolwang ke sefefo; ba boloketswe lefifi le letsho.
Modimo ha a a ka a qenehela mangeloi a entseng sebe, empa o ile a a dihela diheleng, madumeleng a lefifi, moo a boloketsweng letsatsi la kahlolo.
Ke maqhubu a befileng a lewatle, a tlokomang lekweba la dihlong tsa bona. Ke dinaledi tse lelerang, tse boloketsweng lefifi le letsholetsho, ka ho sa feleng.
Kantle ho tla sala dintja, le baloi le dihlola, le babolai, le ba kgumamelang medimo ya bohata, le bohle ba ratang leshano, ba etsang tseo e seng tsa nnete.
O tataisa maoto a bahalaledi ba hae, athe ba kgopo ba tla timella lefifing, hobane motho ha a hlole ka matla a hae.