A ke ke a nganga, leha e le ho peroha, lentswe la hae le ke ke la utlwahala diterateng.
Mattheu 6:3 - BIBELE Empa ha o thusa mafutsana, letsoho la hao le letshehadi le se ke la tseba se etswang ke le letona, Sesotho 1909/1961 (SO) Empa wena, ha o etsa thuso, letsoho la hao le letshehadi le se ke la tseba se etswang ke le letona la hao, Baasraak Sotho NT Empa ha o etsa dithuso, letsoho la hao le letshehadi le se ke la tseba seo letsoho la hao le letona le se etsang. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa ha o etsa dithuso, letsoho la hao le letshehadi le se ke la tseba seo letsoho la hao le letona le se etsang. |
A ke ke a nganga, leha e le ho peroha, lentswe la hae le ke ke la utlwahala diterateng.
“Ha ho le jwalo, ha o etsetsa mafutsana thuso, o se ke wa ipolela, jwalokaha baikaketsi ba etsa matlung a thapelo le ditseleng tsa motse, hore ba tlotliswe ke batho; kannete ke a le bolella, ba se ba amohetse moputso wa bona.
thuso ena ya hao e be ya sephiri, mme Ntatao ya bonang le sephiring o tla o buseletsa.”
Jesu a re ho yena: “Hlokomela o se bolelle motho, o mpe o yo itlhahisa ho moprista, o ntshe nyehelo e laetsweng ke Moshe, hore e be bopaki ho bona.”
Yaba mahlo a tsona a a bona. Jesu a di laya, a re: “Hlokomelang, ho se be motho ya ka tsebang!”
mme a re ho yena: “Hlokomela, o se re letho ho motho; o mpe o yo itlhahisa ho moprista, o ntshe nyehelo e laetsweng ke Moshe hobane o hlwekile, e be bopaki ho bona.”
hobane ha ho ya etsang letho sephiring, ha a batla ho ba pepeneneng. Ha o etsa tsena, iponahatse ho lefatshe.”