Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 6:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Empa wena, ha o etsa thuso, letsoho la hao le letshehadi le se ke la tseba se etswang ke le letona la hao,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Empa ha o thusa mafutsana, letsoho la hao le letshehadi le se ke la tseba se etswang ke le letona,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

3 Empa ha o etsa dithuso, letsoho la hao le letshehadi le se ke la tseba seo letsoho la hao le letona le se etsang.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Empa ha o etsa dithuso, letsoho la hao le letshehadi le se ke la tseba seo letsoho la hao le letona le se etsang.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 6:3
7 Referencias Cruzadas  

Ha a ka ke a omana; a ke ke a peroha; ha ho ya tla utlwa lentswe la hae diterateng;


Ka baka leo, ha o etsa thuso, o se ke wa letsa terompeta pela hao, jwalokaha ho etswa ke baikaketsi ka masinagogeng le diterateng, ba tle ba roriswe ke batho. Kannete ke a le bolella, ke re: Ba se ba nkile moputso wa bona.


hore thuso ya hao e be sephiring; mme Ntatao ya bonang sephiring, o tla o putsa.


Jesu a re ho yena: O iponele, o se ke wa bolella motho; o mpe o ye, o ipontshe ho moprista, mme o hlahise mpho e laetsweng ke Moshe, e tle e be bopaki ho bona.


Mahlo a tsona a tutuboloha; mme Jesu a di laya haholo, a re: Iponeleng, hore taba eo e se ke ya tsejwa ke motho.


a re ho yena: Bona! o se ke wa bolella motho letho; o mpe o ye, o ipontshe ho moprista, mme o ananele ntlafalo ya hao ka se laetsweng ke Moshe, e tle e be bopaki ho bona.


Hobane motho a ke ke a etsa letho sephiring, a be a rate ho tsejwa; ha o etsa tseo, o iponahatse ho lefatshe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos