Taelo tse tswang molomong wa hae ha ke a di kgeloha, ka pelong ya ka ke bolokile polelo tsa hae.
Mattheu 6:11 - BIBELE O re fe kajeno bohobe ba rona ba tsatsi le leng le le leng; Sesotho 1909/1961 (SO) o re fe kajeno bohobe ba rona ba tsatsi le leng le le leng; Baasraak Sotho NT O re fe kajeno bohobe ba rona ba tsatsi le leng le le leng. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 O re fe kajeno bohobe ba rona ba tsatsi le leng le le leng. |
Taelo tse tswang molomong wa hae ha ke a di kgeloha, ka pelong ya ka ke bolokile polelo tsa hae.
Suthisetsa bolotsana le mashano hole le nna, o se ke wa nthuisa kapa wa mphutsanehisa, o mphepe ka dijo tse ntekaneng;
ke yena ya tla phela bakeng tse phahameng, eo setshabelo sa hae e tla ba qhobosheane e thabeng. Dijo o tla di fuwa, a ke ke a hloka metsi.
A mo araba, a re: “Ho ngotswe, ho thwe: “ ‘Motho a ke ke a phela ka bohobe feela, empa o tla phela le ka polelo e nngwe le e nngwe e tswang molomong wa Modimo.’ ”
Ka Morena wa rona Jesu Kreste, ba jwalo re a ba laela, mme re ba kgothaletsa hore ba sebetse ka kgotso, ba sebeletse tseo ba ka di jang.
Naomi a utlwela hore Morena o ile a etela setjhaba sa hae, a se fa dijo, yaba yena, hammoho le dingwetsi tsa hae, o itokisetsa ho tloha naheng ya Moabe.