Ha Shekeme, mora wa Hamore wa Mohife, kgosana ya naha eo, a mmona, a mo tshwara, a mmeta, a mo hlompholla.
Mattheu 5:28 - BIBELE Empa nna ke re ho lona: Mang kapa mang ya tadimang mosadi ka ho mo lakatsa o se a mo febile pelong ya hae. Sesotho 1909/1961 (SO) Empa nna, ke re ho lona: Motho, leha e ka ba mang le mang, ya tadimang mosadi ho mo lakatsa, o se a mo febile pelong ya hae. Baasraak Sotho NT Empa nna ke re ho lona: E mong le e mong ya tadimang mosadi ho mo lakatsa, o se a mo febile pelong ya hae. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa nna ke re ho lona: E mong le e mong ya tadimang mosadi ho mo lakatsa, o se a mo febile pelong ya hae. |
Ha Shekeme, mora wa Hamore wa Mohife, kgosana ya naha eo, a mmona, a mo tshwara, a mmeta, a mo hlompholla.
Ka tsatsi le leng, motsheare wa mantsiboya, Davida a tsoha diphateng tsa hae. Ha a ntse a otlolla maoto hodima marulelo a ntlo ya bokgosi, a bona mosadi a ntse a tola. Mosadi eo o ne a le motle haholo.
“O se ke wa lakatsa hore ntlo ya motho e mong e be ya hao. O se ke wa lakatsa mosadi wa hae, kapa mohlanka wa hae, kapa lekgabunyane la hae, kapa pholo ya hae, kapa tonki ya hae, kapa ntho e nngwe le e nngwe eo e leng ya motho e mong.”
hobane pelong ho tswa mehopolo e kgopo: polao ya sehloho, bofebe, bohlola, boshodu, bopaki ba leshano le diketseletso.
Empa nna ke re ho lona: Mang kapa mang ya halefelang ngwanabo o tla tshwanelwa ke kahlolo, mme ya reng ho ngwanabo: ‘Sethoto towe!’ o tla tshwanelwa ke ho iswa kgotla; ha e le ya reng: ‘Tseketseke towe!’ o tla tshwanelwa ke ho ya mollong wa dihele.
Empa nna ke re ho lona: Le se ka la hanyetsa motho e mobe, empa ya o jabelang lerameng le letona, o mo retelletse le le letshehadi;
“Haeba monna a fumanwa a feba le mosadi wa monna e mong, monna eo le mosadi eo ya neng a feba le yena, ba tla bolawa bobedi ba bona. Ka mokgwa ona, o tla fedisa bokgopo kahara lona.
Mahlo a bona a tsoma bofebe kamehla, ba lakatsa sebe hoyahoile, ba tshwasa ba fokolang, dipelo tsa bona di tletse meharo. Ke batho ba rohakehileng.
hobane tsohle tsa lefatshe: ditakatso tsa botho, tse hohelang mahlo, le ho ikgantsha ka maruo, tsena hase tse tswang ho Ntate, empa ke tse tswang ho lefatshe.