La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 4:12 - BIBELE

Yare ha Jesu a utlwa hore Johanne o tshwerwe, a ya Galelea.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Eitse Jesu ha a utlwile hobane Johanne o kenntswe teronkong, a boela Galelea;

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Yare ha Jesu a utlwa hobane Johanne o kentswe teronkong, a tloha a ya Galelea;

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Yare ha Jesu a utlwa hobane Johanne o kentswe teronkong, a tloha a ya Galelea;

Ver Capítulo



Mattheu 4:12
13 Referencias Cruzadas  

Johanne ha a le ditlamong a utlwa tsa mesebetsi ya Kreste. A roma barutuwa ba hae


Heroda o ne a ile a tshwara Johanne, a mo tlama, mme a mo kenya tjhankaneng ka baka la Herodiase, mohatsa moena hae Filipi.


Yare hoba Johanne a tshwarwe, Jesu a fihla Galelea, a phatlalatsa molaetsa o molemo wa Modimo,


Heroda o ne a ile a tshwara Johanne, a mo hlahlela tjhankaneng ka baka la Herodiase mosadi wa moenae Filipi, eo Heroda a neng a mo nyetse.


Empa bona ba pheella, ba re: “O hlohleletsa setjhaba ka ho ruta Judea yohle, ho tloha Galelea ho fihlela kwano.”


Heroda a eketsa ka ho kwalla Johanne tjhankaneng.


Yaba Jesu a kgutlela Galelea a tletse matla a Moya o Halalelang; botumo ba hae ba phatlalla tikolohong yohle.


A theohela Kaperenauma, e leng motse wa Galelea. A ruta e le ka Disabatha,


Ka la hosasane Jesu a rera ho ya Galelea, mme a fumana Filipi. A re ho yena: “Ntatele!”


Mohlolo ona wa pele Jesu o o entse Kana e Galelea, a bonahatsa tlotla ya hae, mme barutuwa ba hae ba dumela ho yena.


hobane Johanne o ne a eso kenngwe tjhankaneng.


Kamora matsatsi ao a mabedi a tloha teng, a ya Galelea,


Mohlolo ona wa bobedi Jesu o o entse Galelea a etswa Judea.