Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 3:20 - BIBELE

20 Heroda a eketsa ka ho kwalla Johanne tjhankaneng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 a eketsa tsohle tseo ka ho kenya Johanne teronkong.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

20 A eketsa ka sena hodima tsohle, a kwalla Johanne teronkong.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

20 A eketsa ka sena hodima tsohle, a kwalla Johanne teronkong.

Ver Capítulo Copiar




Luka 3:20
14 Referencias Cruzadas  

Kantle ho sebe seo a entseng hore ba morabe wa Juda ba se etse, Manase o entse bobe mahlong a Morena, a tsholla madi a mangata a se nang molato, hoo a ileng a phalla kahohle motseng wa Jerusalema.


Hape e ne e le ka baka la madi a se nang molato, ao Manase a neng a a tsholle, a etsa hore madi a se nang molato a phalle kahohle Jerusalema; kahoo Morena a sitwa ho mo tshwarela.


Empa ba soma maqosa ao a Modimo, ba nyedisa dipolelo tsa hae, ba bapala ka baporofeta ba hae, ho fihlela kgalefo ya Morena e ba tlokomela hoo ho neng ho se ho se pheko.


“Leha ho le jwalo, ba se ke ba o mamela, ba se ke ba o mamela, ba o fetohela, Molao wa hao ba o siya morao; baporofeta ba hao bona ba ba bolaya, ha ba ba kgalemella ho ba busetsa ho wena; kahoo ba etsa nyefolo e kgolo!


“Ke otlile bara ba lona, empa thuso ha e yo; kgalemelo ya ka ba hanne ho e mamela; sabole tsa lona di jele baporofeta ba lona, tsa ba ja sa tau e harolakang.


Yare ha Jesu a utlwa hore Johanne o tshwerwe, a ya Galelea.


hobane Johanne o ne a eso kenngwe tjhankaneng.


Ba tsholotseng madi a bahalaledi le a baporofeta, o ba nwesitse madi; hona ho ba loketse.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos