Hoba Jesu a tswallwe Betlelehema e Judea, mehleng ya kgosi Heroda, ha fihla Jerusalema Ba Bohlale ba tswang botjhabela,
Mattheu 3:5 - BIBELE Jwale batho ba Jerusalema, le ba Judea yohle, le ba phuleng yohle ya Jorodane ba tswela ho yena, Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba ba Jerusalema, le ba Judea yohle, le ba naha yohle e pela Jordane, ba tswela ho yena, Baasraak Sotho NT Yaba ho tswela ho yena Jerusalema, le Judea yohle, le naha yohle e mathokong a Jordane. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yaba ho tswela ho yena Jerusalema, le Judea yohle, le naha yohle e mathokong a Jordane. |
Hoba Jesu a tswallwe Betlelehema e Judea, mehleng ya kgosi Heroda, ha fihla Jerusalema Ba Bohlale ba tswang botjhabela,
A ba a latelwa ke matshwelehadi a tswang Galelea, Dekapolese, Jerusalema, Judea le mose ho Jorodane.
Ba naha yohle ya Judea le baahi bohle ba Jerusalema ba ya ho yena, mme a ba kolobeletsa nokeng ya Jorodane ba ntse ba ipolela dibe tsa bona.
“Ho bile le Molao le Baporofeta ho fihlela ho Johanne; ho tloha mohlang oo molaetsa o molemo wa Mmuso wa Modimo o a bolelwa, mme e mong le e mong o o kena ka dikgoka.
A ya tikolohong yohle ya Jorodane a ntse a phatlalatsa tsa kolobetso ya pako e isang tshwarelong ya dibe,
Jwale a re ho matshwele a tlang ho tla kolobetswa ke yena: “Madinyane a marabe, ke mang ya le boleletseng hore le ka baleha bohale bo tlang?
Johanne o ne a kolobeletsa Enone, haufi le Saleme, kaha metsi a ne a le mangata teng, mme batho ba ne ba etla, ba kolobetswa,
Yena e ne e le lebone le tukang, le kganyang, mme lona le ile la rata ho nyakalla leseding la hae nakwana.