Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 4:25 - BIBELE

25 A ba a latelwa ke matshwelehadi a tswang Galelea, Dekapolese, Jerusalema, Judea le mose ho Jorodane.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Mme matshwele a maholo a tswang Galelea, le Dekapolise, le Jerusalema, le Judea, le mose wane wa Jordane, a mo latela.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

25 Matshwele a mangata a mo latela, a tswang Galelea, le Dekapolise, le Jerusalema, le Judea, le mose wane wa Jordane.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

25 Matshwele a mangata a mo latela, a tswang Galelea, le Dekapolise, le Jerusalema, le Judea, le mose wane wa Jordane.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 4:25
11 Referencias Cruzadas  

Ha Jesu a tsebile hoo, a tloha moo. Batho ba bangata ba mo latela, mme a ba fodisa bohle,


Matshweletshwele a mo latela, mme a a fodisetsa teng.


“Lefatshe la Sebulone le lefatshe la Nafthali, nqa lewatle, mose ho Jorodane, Galelea ya baditjhaba,


Yare ha Jesu a bona matshwele, a nyolohela thabeng, mme hoba a dule, barutuwa ba hae ba tla ho yena;


Hoba Jesu a theohe thabeng, matshweletshwele a mo latela.


Yaba o a ikela, mme a phatlalletsa baahi ba Dekapolese dintho tseo Jesu a mo etseditseng tsona, mme batho bohle ba makala.


Ha Sabatha se fihlile, a qala ho ruta ka tlung ya thapelo, mme ha bongata bo utlwa, ba hlollwa, ba re: “Dintho tsee, eo o di nka kae? Bohlale boo a bo filweng ke bo jwang? O etsa diketso tse matla hakaakang ka matsoho a hae!


Jesu ha a kgutla sebakeng sa Tire, a boela a ya letsheng la Galelea ka tsela ya Sidone, ka ho haola naha ya Dekapolese.


Hoba a theohe le bona, a ema motsitseng, ho ena le sehlopha se seholo sa barutuwa ba hae, le bongatangata ba setjhaba se tswang Judea yohle, le Jerusalema, le lebopong la Tire le Sidone,


Letshwele lohle le ne le batla ho mo ama, hobane matla a ne a etswa ho yena, mme o ne a fodisa bohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos