Mattheu 26:41 - BIBELE Fadimehang, mme le rapele, hore le se kene molekong; moya o mafolofolo, empa mmele o a fokola.” Sesotho 1909/1961 (SO) Fadimehang, le rapele, hore le se kene molekong; hobane moya o mafolofolo, empa nama yona e a fokola. Baasraak Sotho NT Fadimehang, le rapele, hore le se kene molekong; moya o mafolofolo, empa nama yona e a fokola. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Fadimehang, le rapele, hore le se kene molekong; moya o mafolofolo, empa nama yona e a fokola. |
Yaba o re ho bona: “Moya wa ka o maswabing a maholo, hoo nka shwang; salang mona, le fadimehe le nna.”
o re phemise ho kena molekong, o mpe o re lopolle bobeng, hobane Mmuso ke wa hao, le matla, le tlotla, kamehla le mehla. Amen.’
Fadimehang, le rapele, hore le se kene molekong; moya o mafolofolo, empa mmele o a fokola.”
o re tshwarele dibe tsa rona, hobane le rona re tshwarela bohle ba re sitelwang; o re phemise ho kena molekong.”
Fadimehang ke hona, le rapele ka dinako tsohle, hore le tle le be le matla a ho phonyoha tsena tsohle, tse seng di tla etsahala, le a ho ema pela Mora Motho.”
E mokurutlaneng ke bao ereng ha ba utlwa, ba amohele lentswe ka thabo, empa ba se na motso; ba dumela ka nakwana, ere nakong ya moleko, ba kwenehe.
Seo Molao o neng o sitwa ho se etsa, ka baka la ho fokola ha botho, Modimo o se entse. Ka ho roma Mora wa hae e le sehlabelo sa sebe, a inketse botho bo tshwanang le ba baetsadibe, Modimo o ahlotse sebe bothong.
Ha ho meleko e kileng ya le hlahela, e fetang matla a botho. Modimo o a tshepahala, mme a ke ke a dumela hore le lekwe ho feta matla a lona. Ha le lekwa o tla le fa matla a ho mamella, le monyetla wa hore le tsebe ho hlola.
Empa ke hlokofatsa mmele wa ka, mme ke a o thapisa, esere mohlomong, ha ke se ke phatlalleditse ba bang molaetsa o molemo, yaba nna ke a lahlwa.
Dithapelong le dikopong tsohle, le nne le rapele ka Moya ka nako tsohle. Le fadimehele ho rapella badumedi bohle ka tiisetso.
Ebang le boitshwaro, le fadimehe. Diabolosi, sera sa lona, o solla jwaloka tau e purumang, a ntse a batla eo a ka mo harolang.
Morena o tseba ho ntsha ba lokileng molekong, empa ba kgopo o ba bolokela kotlo ya mohla letsatsi la kahlolo,
“Bonang, ke tla jwaloka leshodu. Ho lehlohonolo ya fadimehang, ya sa hloboleng diaparo tsa hae, hore a tle a se ke a tsamaya a le feela, mme batho ba bona tse dihlong tsa hae.”
Kahobane o ile wa boloka lentswe la ka ka mamello, le nna ke tla o boloka ka nako ya ho lekwa ho tlang ho hlahela lefatshe lohle, ho leka baahi ba lefatshe.