Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Luka 22:40 - BIBELE

40 Yare ha a fihla sebakeng seo, a re ho bona: “Rapelang, hore le se kene molekong.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

40 Yare ha a fihlile teng, a re ho bona: Rapelang, hore le se kene molekong.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

40 Ha a fihla sebakeng seo, a re ho bona: “Rapelang hore le se ke la kena molekong.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

40 Ha a fihla sebakeng seo, a re ho bona: “Rapelang hore le se ke la kena molekong.

Ver Capítulo Copiar




Luka 22:40
16 Referencias Cruzadas  

Jabese a ipiletsa ho Modimo wa Iseraele, a re: “Ke a o rapela: O ke o ntlohohonolofatse, o nkekeletse naha, o mpaballe, o ntshireletse, mme ke se ke ka hlokofatswa.” Modimo a mo nea seo a se kopileng.


Matlafatsa mehato ya ka ho ya ka tshepiso ya hao, o se dumelle hore ke buswe ke bobe.


Mehato ya ka e latetse mehlala ya hao, maoto a ka ha a a ka a kgothometseha.


Empa ke mang ya ka elellwang diphoso tsa hae? Ako ntokolle ho tseo ke sa di tsebeng.


o re phemise ho kena molekong, o mpe o re lopolle bobeng, hobane Mmuso ke wa hao, le matla, le tlotla, kamehla le mehla. Amen.’


o re tshwarele dibe tsa rona, hobane le rona re tshwarela bohle ba re sitelwang; o re phemise ho kena molekong.”


mme a re ho bona: “Le robaletseng? Tsohang le rapele, hore le se kene molekong.”


Qetello ya dintho tsohle e atametse. Ebang le boitshwaro, mme le fadimehele ho rapela.


Kahobane o ile wa boloka lentswe la ka ka mamello, le nna ke tla o boloka ka nako ya ho lekwa ho tlang ho hlahela lefatshe lohle, ho leka baahi ba lefatshe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos