Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 26:38 - BIBELE

38 Yaba o re ho bona: “Moya wa ka o maswabing a maholo, hoo nka shwang; salang mona, le fadimehe le nna.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

38 A re ho bona: Moya wa ka o tshwerwe ka nqa tsohle ke maswabi a isang lefung; salang mona, le fadimehe le nna.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

38 A ba a re ho bona: Moya wa ka o tshwenyehile haholo, ho isa lefung; salang mona, le fadimehe le nna.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

38 A ba a re ho bona: Moya wa ka o tshwenyehile haholo, ho isa lefung; salang mona, le fadimehe le nna.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 26:38
19 Referencias Cruzadas  

Marapo a lefu a ne a ntlamile, maraba a Nqalo ya Bafu a ntshwasitse, ka ba matswalong le maswabing.


Moya wa ka o a qhashoha, o qhashoha ha ke hopola tsena: Ke ne ke tsamaya mokolokong, ke o eteletse pele, ho ya tlung ya Modimo hara mehoo ya thabo le ya teboho, ha matshwele a eya moketeng.


“Aparo sa ka ke se ke se hlobotse, na nka boela ka se apara? Maoto a ka le wona ke se ke a hlatswitse, na nka boela ka a silafatsa?”


Ho ratile Morena hore a tetetswe, a hlokofatswe, bophelo ba hae e be nyehelo e tlosang sebe; kahoo o tla bona ditloholo tsa hae, matsatsi a bophelo ba hae a lelefale, thato ya Morena e atlehiswe ke letsoho la hae.


Kahoo o tla ba le seabo hara ba baholo, kgapo yona a e arolelane le dinatla, hobane bophelo ba hae o ila bo tella lefu, a ba a balellwa le baetsadibe. O ila itjarisa dibe dibe tsa ba bangata, mme baetsadibe a ba rapella.


O ile a nyediswa, a furallwa ke batho, ya eba motho wa mahlomola, ya tsebang mahloko. A tshwana le eo batho ba tshabang le ho mo tadima; o ile a nyediswa, ra se ke ra mo natsa.


“Ha ho le jwalo fadimehang, kahobane ha le tsebe letsatsi leha e le hora.”


Yaba o re ho bona: “Moya wa ka o maswabing a maholo hoo nka shwang; salang mona, le fadimehe.”


“Jwale moya wa ka o ferekane. Ke tla reng? Na ke tla re: ‘Ntate, o mpholose nakong ena?’ Empa ke ka lebaka lena ke fihletsweng ke nako ena.


Ha e le moo a sa ka a qenehela Mora wa hae ka sebele, a mpa a mo neetse lefu ka baka la rona bohle, na a ke ke a re nea dintho tsohle hammoho le yena na?


Kreste ya neng a se na sebe, Modimo o ile a mo nka e le moetsadibe ka baka la rona, e le hore ka yena Modimo a re etse ba lokileng.


Kreste o re lopolotse thohakong ya Molao, ka hore a fetohe ya rohakehileng ka baka la rona, hobane ho ngotswe, ho thwe: “Mang le mang ya fanyehilweng sefateng o rohakehile.”


Yena, ka mmele wa hae, o ile a isa dibe tsa rona sefapanong, hore re tle re shwe ka nqeng ya sebe, mme re phele ka nqeng ya ho loka. Ke yena eo le fodisitsweng ke maqeba a hae.


Kreste le yena o shwetse dibe tsa lona hanngwe, ya lokileng a shwela ba sa lokang, e le hore a tle a le tlise ho Modimo. O ile a bolawa ka nqeng ya mmele, empa a kgutlisetswa bophelong ka Moya;


Qetello ya dintho tsohle e atametse. Ebang le boitshwaro, mme le fadimehele ho rapela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos