kapele ho Morena, hobane o a tla, o tlilo ahlola lefatshe. O tla ahlola lefatshe ka toka, le ditjhaba ka nnete ya hae.
Mattheu 25:6 - BIBELE “Jwale hara mpa bosiu ha hlajwa mokgosi o reng: ‘Monyadi ke eo! Tswang, le mo kgahlanyetse!’ Sesotho 1909/1961 (SO) Yare bosiu bo boholo, ha etswa mohoo, ha thwe: Bonang, monyadi ke eo; tswang, le mo kgahlanyetse. Baasraak Sotho NT Yare hara mpa ya bosiu ha utlwahala mokgosi, ha thwe: Bonang, monyadi ke eo; tsoang le mo khahlanyetse. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yare hara mpa ya bosiu ha utlwahala mokgosi, ha thwe: Bonang, monyadi ke eo; tsoang le mo khahlanyetse. |
kapele ho Morena, hobane o a tla, o tlilo ahlola lefatshe. O tla ahlola lefatshe ka toka, le ditjhaba ka nnete ya hae.
kapele ho Morena, hobane o tlilo ahlola lefatshe. O tla ahlola lefatshe ka toka, le ditjhaba ka ho loka.
Ka tsatsi leo, batho ba tla re: “Ruri enwa ke Modimo wa rona, re ile ra mo tshepa, o re pholositse; enwa ke Morena, re ile ra mo tshepa, a re nyakalleng, re thabele ha a re pholositse.”
“Kahoo, wena Iseraele, ke tla o etsa sena: Erekaha ke tla o etsa jwalo, itokisetse ho ema kapele ho Modimo, kapele ho Modimo wa hao, wena Iseraele.”
O tla roma mangeloi a hae ka terompeta e modumo o moholo, mme a tla phutha bakgethwa ba hae ba etswa diqoleng tse nne tsa lefatshe, ba etswa pheletsong e ka nqena ya mahodimo ho isa ho e ka nqane.”
Ka baka leo, le lona itokiseng, hobane Mora Motho o tla tla ka nako eo le sa e lebellang.”
“Mohlang oo Mmuso wa mahodimo o tla tshwana le barwetsana ba leshome, ba ileng ba nka mabone a bona, yaba ba tswa ho ya kgahlanyetsa monyadi.
“Mohla Mora Motho a tlang ka tlotla ya hae, a ena le mangeloi wohle, o tla dula teroneng ya hae ya botlotlehi.
“Empa Modimo a re ho yena: ‘Lewatla towe, ka bosiu bona o tla amohuwa bophelo ba hao; jwale tseo o di lokisitseng e tla ba tsa mang?’
monga mohlanka eo o tla fihla ka letsatsi leo mohlanka a sa le lebellang, le ka nako eo a sa e tsebeng, mme o tla mo kgabelaka, a mo fe kabelo ya hae le ba sa dumeleng.
Mohla ho hlahang taelo, ka lentswe la lengeloileholo, ka terompeta ya Modimo, Morena ka sebele o tla theoha lehodimong, mme ba shwetseng ho Kreste ba tla tsoha pele.
Letsatsi la Morena le tla fihla jwaloka leshodu. Mohlang oo mahodimo a tla fela ka lerata le tshabehang. Dintho di tla qhibidiswa ke motjheso, mme lefatshe le tsohle tse ho lona di tla fediswa.
“Bonang, ke tla jwaloka leshodu. Ho lehlohonolo ya fadimehang, ya sa hloboleng diaparo tsa hae, hore a tle a se ke a tsamaya a le feela, mme batho ba bona tse dihlong tsa hae.”