Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Luka 12:20 - BIBELE

20 “Empa Modimo a re ho yena: ‘Lewatla towe, ka bosiu bona o tla amohuwa bophelo ba hao; jwale tseo o di lokisitseng e tla ba tsa mang?’

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Empa Modimo wa re ho yena: Lewatla towe! Ka bosiu bona, moya wa hao o tla latwa ho wena; mme dintho tseo o di lokisitseng, e tla ba tsa mang na?

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

20 Empa Modimo a re ho yena: Lewatla towe!

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

20 Empa Modimo a re ho yena: Lewatla towe!

Ver Capítulo Copiar




Luka 12:20
35 Referencias Cruzadas  

Hamane a ba phetela tsa bongata ba maruo a hae, le kamoo bara ba hae ba leng bangata kateng, le mesebetsi yohle eo kgosi e mo phahamiseditseng ho yona, le kamoo e mmeileng ho okamela mahosana le bahlanka ba kgosi kateng.


Letshepa la moetsadibe ke lefe, mohla Modimo a mo amohang bophelo?


Bona, matsatsi a ka o a lekantse, o a lekantse ka bophara ba seatla, bolelele ba bophelo ba ka hase letho mahlong a hao. Ruri motho ya phelang ke lefeela.


Motho a ke ke a phela hoyahoile, a se ke a tseba lebitla.


ba fetoha lesupi ka ho panya ha ntshi, ba fedile, qetello ya bona ke e tshosang.


Yare ba eso kgotsofatse takatso ya bona, ba sa ntse ba entse methamo,


Maruo a fumanweng ka bokgopo ha a na thuso, empa toka e lokolla motho lefung.


Kgalefo ya Modimo e ke ke ya fediswa, ya fediswa ke maruo a motho, empa ho loka ho lopolla motho lefung.


E mong o iketsa morui, a se na letho, e mong a iketse mofutsana, a hafa ka nkatana.


O se ke wa ithorisa ka la hosasane, hobane ha o tsebe hore le ka o tlela ka dife.


Ya atisang ruo la hae ka ho le tswadisa, a le atise le ka ho hanyapetsa, o le bokellela ya tla hauhela mafutsana.


Motho ka mong o re: ‘Tloong kwano, ke tla lata veine! A re itlopeng jwala, re be re bo shebe feela! La hosasane le tla nne le ke la kajeno, mohlomong le tla ba letle ho feta lena!’ ”


Jwaloka nonyana e fuamang mahe e se a yona, ya ruang ka mano le yena o jwalo, bohareng ba bophelo ba hae maruo ao a tla mo fella, qetellong bothoto ba hae bo bonahale.


Lona ba thabelang Lo-Dabare, lona le re: “Na ha re a ikgapela Karanaime, ra ikgapela yona ka matla a rona?”


Ba tla tjheswa sa meutlwa e harahane, ba tjheswe sa dirite di omeletse, ba ntse ba itlopile veine ya bona.


Dithoto ting! Na ya ileng a etsa bokantle hase yena ya entseng le bokahare?


Mohla batho ba reng: “Ke kgotso, ha ho kotsi,” ke mohla timelo e tla ba tsometsa jwalokaha bohloko ba pelehi bo tsometsa moimana, mme ba ke ke ba phonyoha.


Laela barui ba tsa lefatshe lena hore ba se ke ba ikgohomosa, ba tshepa maruo a felang, ba mpe ba tshepe Modimo ya re fang tsohle ka bongata hore re di thabele.


Ha re a ka ra tla le letho lefatsheng, ka mokgwa o jwalo ha re ka ke ra nka letho ho lona ha re tloha.


Ha le tsebe hore na la hosasane le tla le tlela le eng, kapa bophelo ba lona bo tla ba jwang, hobane le tshwana feela le mohodi, o bonahalang nakwana, o nto nyamela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos