Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 25:6 - Baasraak Sotho NT

6 Yare hara mpa ya bosiu ha utlwahala mokgosi, ha thwe: Bonang, monyadi ke eo; tsoang le mo khahlanyetse.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Yare bosiu bo boholo, ha etswa mohoo, ha thwe: Bonang, monyadi ke eo; tswang, le mo kgahlanyetse.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 “Jwale hara mpa bosiu ha hlajwa mokgosi o reng: ‘Monyadi ke eo! Tswang, le mo kgahlanyetse!’

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Yare hara mpa ya bosiu ha utlwahala mokgosi, ha thwe: Bonang, monyadi ke eo; tsoang le mo khahlanyetse.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 25:6
24 Referencias Cruzadas  

O tla roma mangeloi a hae ka modumo o moholo wa terompeta, mme a tla bokella bakgethwa ba hae meyeng e mene, ho tloha pheletsong e nngwe ya lehodimo ho isa pheletsong e nngwe.


Ka baka leo, le lona le itokise, hobane Mora motho o tla tla ka nako eo le sa e nahaneng.


Mohlang oo mmuso wa mahodimo o tla tshwantshwa le barwetsana ba leshome, ba nkileng mabone a bona, ba tswa ho ya kgahlanyetsa monyadi.


Mohla Mora motho a tlang ka kganya ya hae, a ena le mangeloi a halalelang kaofela, ke moo a tla dula teroneng ya kganya ya hae.


Eitse ha monyadi a dieha, ba otsela bohle, ba robala.


Yaba barwetsana bao bohle ba tsoha, ba lokisa mabone a bona.


Empa Modimo a re ho yena: Lewatla towe!


Morena wa mohlanka eo o tla tla ka tsatsi leo a sa mo lebellang ka lona, le ka hora eo a sa e tsebeng, mme o tla mo kgaola karohano, mme o tla mo nea kabelo ya hae le ba sa dumelang.


Hobane Morena ka sebele o tla theoha lehodimong ka mohoo, ka lentswe la arekangeloi, le ka terompeta ya Modimo, mme ba shwetseng ho Kreste ba tla tsoha pele.


Empa letsatsi la Morena le tla tla jwaloka leshodu la bosiu; ka lona mahodimo a tla feta ka lerata le leholo, mme metheo e tla qhibidiha ke mocheso o tjhesang, mme lefatshe le mesebetsi e ho lona e tla tjha.


Bona, ke tla jwaloka leshodu. Ho lehlohonolo ya lebelang, ya bolokang diaparo tsa hae, esere a tsamaya a le feela, mme ba bona dihlong tsa hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos